Yaba Moshe o bua le bana ba Iseraele, mme ya rohakaneng ba mo ntshetsa kantle ho diahelo, ba mo tlepetsa ka majwe. Bana ba Iseraele ba etsa jwalokaha Modimo a ne a laetse Moshe.
Kahoo lefa la bana ba Iseraele le ke ke la tloha morabeng o mong la ya ho o mong, empa morabe o mong le o mong wa bana ba Iseraele o tla kgomarela lefa la bo-ntata wona.’ ”
Baradi bana ba tla kapele ho moprista Eleasare, le kapele ho Joshua, mora wa Nune, le kapele ho mahosana, ba re: “Morena o laetse Moshe hore a re nee lefa lefeng la dikgaitsedi tsa rona.” Ka baka leo, ka taelo ya Morena, Joshua a ba abela lefa lefeng la bana babo ntata bona.