Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Numere 35:2 - BIBELE

2 “Laela bana ba Iseraele hore lefeng la bona ba abele Balevi metse eo ba tla phela ho yona; le makgulo a potapotileng metse eo o a abele Balevi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 a re: Lefeng leo ba tlang ho le rua, laela bana ba Iseraele ho nea Balevi metse eo ba ka ahang ho yona. Hape le tla nea Balevi naha e teelang metse eo hare.

Ver Capítulo Copiar




Numere 35:2
14 Referencias Cruzadas  

Yaba o re ho setjhaba sohle sa Iseraele: “Haeba le rata, eba le Morena Modimo wa rona o a rata, a re romeleng molaetsa hohle naheng ya Iseraele, moo bana babo rona ba ahileng teng; re o romele le ho baprista, le ho Balevi ba metseng le metsaneng, hore ba phuthehele kwano.


Balevi ba siya dibaka tsa bona le maruo o bona, ba fallela naheng ya Juda le Jerusalema, hobane bo-Jeroboame le bara ba hae ba ne ba ba hanela ho etsetsa Morena ditshebeletso tsa bona tsa boprista.


Le bara ba Arone, bao e neng e le baprista, ba neng ba phela makgulong a haufi le metse ya bona, le metseng yohle, ba abelwa dijo ke banna ba neng ba thontswe ka mabitso ho abela bohle ba batona hara baprista, le bohle ba Balevi ba neng ba ngotswe bukeng ya leloko.


Ka hlokomela hore Balevi le dibini, e leng bona ba neng ba selebetsa, ha ba a ka ba newa seabo sa bona, kahoo e mong wa bona o ne a ipoeletse ha habo.


Karolo ya naha e abetsweng Balevi le e abetsweng motse e tla ba bohareng ba karolo ya naha ya kgosana. Karolo ya kgosana e tla ba pakeng tsa moedi wa Juda le moedi wa Benjamine.”


“Ho tloha botjhabela ho ya bophirimela, naha e sehelaneng moedi le ya Juda ke naha eo le tla e kgethela Morena. Bolelele ba yona ho tloha botjhabela ho ya bophirimela bo tla lekana le bophara ba yona ho tloha leboya ho ya borwa, e be dikilomethara tse leshome le metso e mmedi le halofo jwaloka dikarolo tsa naha tse abetsweng merabe. Sehalalelo se tla ba bohareng ba yona.


Morena a bua ho Moshe, ha Moshe a ne a le diphuleng tsa Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko, a re:


“Metse ena ba tla aha ho yona, mme makgulo a e potapotileng e tla ba a dikgomo tsa bona, le a maruo wohle a bona, le a diphoofolo tsohle tsa bona.


“Ha Molevi ya tswang motseng ofe kapa ofe wa naha yohle ya Iseraele, moo a jakileng teng, a lakatsa ka moya wa hae wohle ho tla sebakeng seo Morena a tla se kgetha,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios