Isaka a boela a tjheka didiba tse ileng tsa tjhekwa mehleng ya ntatae Aborahama. Bafilesita ba ne ba ile ba di kata kamora lefu la Aborahama, mme a di rea mabitso ao ntatae a neng a di reile wona.
Masimong a Heshebone le a Sibema morara o ponne, o motlemotle o neng o taha babusi ba naha, morara o neng o lemilwe ho tloha Jasere, o lemilwe ho ya fihla lehwatateng, oo makala a wona a neng a thathaletse, ho ya tshela lewatle.
Bele o a ketoha, Nebo o kgatheng la ho wa, medingwana ya bona e bofilwe hodima dipelesa. Medingwana eo e bofilweng e boima, e imela dipelesa tse kgathetseng.
Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua ka Moabe, o re: “Ho madimabe Nebo, hobane e ripitlilwe, Kiriataime ba e tlontlolotse, ba e hapile, qhobosheane ba e tlontlolla, ba e thuaka.
O tla shwela hodima thaba eo, eo o tla nyolohela hodima yona, mme o orosetswe setjhabeng sa heno, jwalokaha Arone, moholwane wa hao, a ile a shwela thabeng ya Hore, le yena a orosetswa setjhabeng sa habo.
Le se ke la kopakopana le ditjhaba tsena tse setseng hara lona; le se ke la bua le ka mabitso a medimo ya tsona, kapa la hlapanya ka yona, kapa la e sebeletsa, kapa la e kgumamela.