Ha Jehoshafate le setjhaba sa hae ba ilo hapa, ba fumana maruo a mangata, le diaparo, le dintho tsa bohlokwa. Yaba ba inkela matlotlo ao, mme a eba mangata hoo ba bileng ba sitwa ho a nka kaofela. Kgapo e ne e le ngata hoo ba ileng ba nka matsatsi a mararo ba ntse ba e bokella.
Kgapo ya tse phelang, tse hapilweng, ho sa balwe thepa e nkilweng ke bahlabani, e ne e le dinku tse dikete tse makgolo a tsheletseng, le mashome a supileng a metso e mehlano;
Kgauta yohle ya nyehelo e akgotswang, eo ba nyehellang Morena, ka yona, e leng e tswang ho balaodi ba ba dikete, le ho balaodi ba ba makgolo, e ne e etsa boima ba dikilo tse ka bang makgolo a mabedi.
Bana ba Iseraele ba hapa basadi ba Bamidiane le bana ba bona ba banyenyane; le dikgomo tsa bona tsohle le mehlape ya bona yohle, le thepa ya bona yohle ba e hapa.
Empa ha e le basadi, le bana, le dikgomo, le tsohle tse kahara motse, esita le kgapo yohle, le tla inkela tsona e le tse hapilweng, mme le tla ja kgapo ya dira tsa lona, eo Morena Modimo wa lona, a le neileng yona.