Jwale ba tlisetsa Moshe, le moprista Eleasare, le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, bathopuwa, le kgapo, le thepa diahelong, diphuleng tsa Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko.
Empa ha e le basadi, le bana, le dikgomo, le tsohle tse kahara motse, esita le kgapo yohle, le tla inkela tsona e le tse hapilweng, mme le tla ja kgapo ya dira tsa lona, eo Morena Modimo wa lona, a le neileng yona.
Bana ba Iseraele ba inkela thepa yohle ya metse ena, le diphoofolo, e le kgapo ya bona. Empa banna bohle bona ba ba bolaya ka sabole, ho tihlela ba ba timetsa; ba se ke ba siya le ya mong ya phelang.
O etse Ai le kgosi ya yona jwalokaha o ile wa etsa Jeriko le kgosi ya yona. Le tla inkela feela thepa ya yona, le diphoofolo tsa yona, e le kgapo ya lona. Bahlabani ba lalle kamorao ho motse.”