Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Numere 28:26 - BIBELE

26 “ ‘Ka letsatsi la dilopotsiya, ha le nyehella Morena ka nyehelo ya dijo tse ntjha, moketeng wa lona wa dibeke, ho tla ba le phutheho e halalelang, mme le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ka tsatsi la dithakangwaha, ha le hlahisetsa Jehova nyehelo e ntja, e leng ka mokete wa lona wa diveke, le tla ba le phutheho e kgethehileng; le ke ke la etsa mosebetsi le o mong ka lona.

Ver Capítulo Copiar




Numere 28:26
13 Referencias Cruzadas  

Ka letsatsi la pele ho tla ba le phutheho e halalelang, le ka letsatsi la bosupa e tla ba teng; ho se be mosebetsi oo le tla o etsa ka matsatsi ao, haese feela ho lokisa ho ka jewang; hoo ke hona feela hoo le ka ho etsang.


“O tla etsa mokete wa kotulo, wa dilopotsiya tsa mosebetsi wa hao, wa tseo o di jetseng masimong. “O tla etsa le mokete wa kotulo yohle qetellong ya selemo, ha o fiella tsa tshebetso ya hao masimong.


“O etse le mokete wa dibeke, wa dilopotsiya tsa ha ho helwa koro; le mokete wa tsohle tse bokeletsweng ha ngwaha o roba.


“Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: ‘Ha le fihla naheng eo ke le naeng yona, mme le kotula tseo e di behileng, le tla tlisetsa moprista ngata ya dilopotsiya tsa lona.


Ka matsatsi a supileng le tla etsetsa Morena nyehelo ya setjheso. Letsatsi la bosupa ke la phutheho e halalelang, le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe ka letsatsi leo.’ ”


Ka letsatsi la pele ho tla ba le phutheho e halalelang; le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe.


Le tla nyehela ka nyehelo ya setjheso, e monko o monate, e amohelehang ho Morena, e be dipohwana tse pedi, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse nang le selemo.


“ ‘Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bosupa, ho tla ba le phutheho e halalelang. Le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe. Ho lona e tla ba letsatsi la ho letsa terompeta.


Empa Kreste o fela a tsohile bafung, mme ke yena letsibolo la ba shweleng.


Ka ho rata ha hae o re tswetse ka lentswe la nnete, re tle re be ho kang matsibolo hara dibopuwa tsa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos