Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Numere 28:25 - BIBELE

25 Ka letsatsi la bosupa ho tla ba le phutheho e halalelang, mme le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Di tla hlahiswa kantle ho setjheso sa kamehla le tshelo ya sona. Ka tsatsi la bosupa, le tla ba le phutheho e kgethehileng, mme le ke ke la etsa mosebetsi le o mong ka tsatsi leo.

Ver Capítulo Copiar




Numere 28:25
14 Referencias Cruzadas  

Ka letsatsi la pele ho tla ba le phutheho e halalelang, le ka letsatsi la bosupa e tla ba teng; ho se be mosebetsi oo le tla o etsa ka matsatsi ao, haese feela ho lokisa ho ka jewang; hoo ke hona feela hoo le ka ho etsang.


Ka matsatsi a supileng le je bohobe bo sa lomoswang, mme ka letsatsi la bosupa e be mokete wa Morena.


Ka lona letsatsi leo o tla phatlalatsa hore ho tla ba le phutheho e halalelang ya lona, mme le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe. Ona e tla ba molao wa mehla yohle melokong ya lona, diahelong tsa lona tsohle.


Le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe, le etsetse Morena nyehelo ya setjheso.’ ”


“ ‘Ho ka sebetswa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa ke letsatsi le leholo la phomolo; ke la phutheho e halalelang. Le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe; ke Sabatha sa Morena diahelong tsohle tsa lona.’ ”


Ka letsatsi la pele le tla ba le phutheho e halalelang, le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe ka letsatsi leo.


Ka matsatsi a supileng le tla etsetsa Morena nyehelo ya setjheso. Letsatsi la bosupa ke la phutheho e halalelang, le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe ka letsatsi leo.’ ”


Ka letsatsi la pele ho tla ba le phutheho e halalelang; le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe.


“ ‘Ka letsatsi la dilopotsiya, ha le nyehella Morena ka nyehelo ya dijo tse ntjha, moketeng wa lona wa dibeke, ho tla ba le phutheho e halalelang, mme le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe.


“ ‘Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bosupa, ho tla ba le phutheho e halalelang. Le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe. Ho lona e tla ba letsatsi la ho letsa terompeta.


“ ‘Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bosupa, le tla ba le phutheho e halalelang. Le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe, mme le etsetse Morena mokete ka matsatsi a supileng.


“ ‘Ka letsatsi la borobedi le tla ba le phutheho ya phomolo, mme le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe.


Ka matsatsi a tsheletseng le tla ja bohobe bo sa lomoswang, empa letsatsi la bosupa e tla ba la phutheho e kgolo, e mahlonoko ya ho tlotla Morena Modimo wa lona. Le se ke la etsa mosebetsi le o mong ka letsatsi leo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos