Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Numere 16:37 - BIBELE

37 “Bolella Eleasare, mora wa moprista Arone, hore a ntshe dipane kgabong ya mollo, mme a qhalle mollo oo hole, hobane dipane tsena di a halalela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Bolella Eleasare, mora wa moprista Aarone, hore a bokelle dipitsa tsa dibano moo ho tjheleng, mollo wa tsona o lahlelwe hole; hobane ke ntho tse halaleditsweng.

Ver Capítulo Copiar




Numere 16:37
5 Referencias Cruzadas  

“ ‘Empa ntho efe kapa efe e abilweng, eo motho a e abelang Morena, eo e leng ya motho ya e abang; e ka ba motho, kapa phoofolo, kapa tshimo eo e leng lefa la hae, e ke ke ya rekiswa kapa ya lopollwa. Ntho e nngwe le e nngwe e abilweng, e halalela ka ho fetisisa ho Morena.


Monna e mong le e mong a nka pane ya hae, a bea mashala a hlenneng hodima yona, a nto tshela mokubetso hodima wona. Yaba ba ema monyakong wa Tente ya Morena ba ena le Moshe le Arone.


Jwale Morena a bua ho Moshe, a re:


Dipane tsa banna bao ba ileng ba sitelwa bophelo ba bona di thulellwe, ho etswe dipoleiti tse tla kwahela aletare, kaha ba ile ba nyehela ka tsona kapele ho Morena. Ka baka leo, di ile tsa halalela. Tsena e tla ba sesupo ho bana ba Iseraele.”


Hosasane le bee mashala a hlenneng ka dipaneng, le tshele mokubetso hodimo wona, le le kapele ho Morena. Motho eo Morena a tla mo kgetha, ke yena ya halalelang. Ke kgale re le mameletse lona, bara ba Levi!”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos