Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Numere 14:45 - BIBELE

45 Jwale Baamaleke le Bakanana ba neng ba ahile dithabeng ba theoha, ba hlola Baiseraele, ba ba phaladisa ho ya fihla Horema.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

45 Yaba Baamaleke le Bakanana ba neng ba ahile thabeng eo ba theoha, ba ba qhala, ba ba bolaya ho isa Horma.

Ver Capítulo Copiar




Numere 14:45
14 Referencias Cruzadas  

O matlafaditse matsoho a ba mo lwantshang, wa thabisa dira tsohle tsa hae.


yaba o re: “Phahamisang mokgele wa Morena. Morena o tla nne a lwantshe Baamaleke kamehla yohle.”


Baamaleke ba ahile naheng ya Negebe. Bahete, le Bajebuse, le Baamore, ba ahile dithabeng. Bakanana ba ahile pela lewatle, le pela noka ya Jorodane.”


Baamaleke le Bakanana ba se ba le emetse, mme ba tla le bolaya ka sabole. Kaha le furaletse tsela ya Morena, Morena a ke ke a ba le lona.”


Morena a bua ho Moshe, a re:


Morena a utlwa Iseraele, mme a mo fa matla a ho hlola Bakanana. Baiseraele ba ripitla Bakanana le metse ya bona ho hang. Yaba sebaka seo ba se rea lebitso la Horema.


Baamore ba ahileng naheng eo e maralla ba ile ba le futuhela jwaloka sekgakgatha sa dinotshi, ba le leleka, ba le etsa mofela, ho tloha Seire ho ya fihla Horema.


Motho a ka phaladisa sekete a le inotshi? Ba babedi ba lelekisa di le leshome, Fika la bona le sa ba rekisa, Morena a sa neelana ka bona?


Banna ba Ai ba bolaya banna ba Iseraele ba ka bang mashome a mararo a metso e tsheletseng. Ba ba phaladisa ho tloha kgorong ya motse ho ya fihla Shebarime, ba ba bolaela motheong. Baiseraele ba nyahama dipelo, tsa ba jwaloka metsi.


Ba morabe wa Juda ba tsamaya le bana babo bona, e leng ba morabe wa Simeone, ba hlola Bakanana, e leng baahi ba Sefate, ba ba timetsa ho hang. Motse oo ba o rea lebitso la Horema.


Davida le banna ba hae ba nyoloha, ba futuhela Bageshure, le Bagesere, le Baamaleke. Bao e ne e le bona baahi ba naha eo ba kgale, ho tloha Shure ho ya fihla naheng ya Egepeta.


le ba Horema, le ba Bore-Ashane, le ba Atake,


Bafilesita ba etsa theko ya ntwa, ba kgahlanyetsa Baiseraele. Ntwa ya lwela, Bafilesita ba hlola Baiseraele habohloko, mme bahlabani ba dikete tse nne ba Baiseraele ba bolaelwa hona moo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos