Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Numere 14:31 - BIBELE

31 Empa bana ba lona, bao le itseng ba tla hapuwa, bona ke tla ba finyeletsa naheng eo, mme ba tla tseba naha eo le e hanneng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Haele bana ba lona, bao le itseng ba tla hapuwa, ke tla ba kenya teng, mme ba tla tseba naha eo le e nyatsitseng.

Ver Capítulo Copiar




Numere 14:31
14 Referencias Cruzadas  

Jwale Jakobo a fa Esau bohobe le sopho ya dierekisi; yaba o a ja, o a nwa, a nto phahama, a ikela. Esau a nyedisa ditokelo tsa boholo ba hae jwalo.


Bana bao ba kena, ba ikgapela naha; wa kokobetsa Bakanana, baahi ba pele ba naha, wa neelana ka bona matsohong a Baiseraele, hore ka kgosi tsa bona ho etswe borata, le ka baahi ba tsona.


Ba nyedisa naha e kgahlehang, hobane ba ne ba sa kgolwe, ba sa kgolwe ditshepiso tsa hae.


kaha keletso ya ka le sa ka la e natsa, le kgalemo ya ka le sa e mamela;


kaha keletso ya ka ba sa e amohela, ba nyedisitse kgalemo ya ka yohle,


Empa ke ile ka re ho bana ba bona ha ba le lehwatateng: “Le se ke la tsamaya ka ditaelo tsa bontata lona, kapa la mamela melao ya bona, kapa la itshilafatsa ka medingwana ya bohata.


Ke hobaneng ha Morena a re tlisa naheng ee, hore re tlo bolawa ka sabole? Basadi ba rona le bana ba rona ba tla hapuwa. Na ha ho molemo hore re kgutleleng Egepeta?”


le Heserone, ya tswetseng morabe wa Heserone; le Karimi, ya tswetseng morabe wa Karimi.


Hara bona ho ne ho se le ya mong wa ba neng ba balwe ke Moshe le Arone ha ba bala bana ba Iseraele lehwatateng la Sinai.


“Empa bamemuwa ba se ke ba ba natsa, ba itsamaela; e mong a ikela masimong, e mong a ikela kgwebong ya hae.


“ ‘Tadimang, lona banyedisi ting! Makalang, le be le timele! Ke etsa ho hong mehleng ena ya hao; ke etsa hoo o neng o ke ke wa ho dumela, leha o ne o ka ba wa ho bolellwa.’ ”


Masea a lona, ao le ileng la re e tla ba bathopuwa, le bana ba lona, bao kajeno ba esong ho tsebe botle kapa bobe, ba tla kena naheng eo. Ha e le bona ke tla ba nea yona, mme e tla ba ya bona.


Bara ba bona, bao Modimo a ileng a thiba dikgeo tsa bo-ntata bona ka bona, ke bona bao Joshua a ileng a ba bolotsa. E ne e le maqai, hobane ba ne ba sa ka ba bolotswa ha ba le tseleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos