Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Nahume 3:3 - BIBELE

3 Bapalami ba dipere ba a kgoroha, sabole di a tsekema, marumo a a phatsima! Ditopo ke mofela, di robellane feela, bongata ba tsona ha bo na palo, batho ba kgothometseha hodima tsona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Mokalli o a nehela, ... sabole e a bekenya, lerumo le a phatsima, ... ba hlabilweng ba bangata, ... ke diqubuqubu tsa ba bolailweng, ha ho moo ditopo di fellang; ... ba kgoptjwa ke ditopo tse shweleng!

Ver Capítulo Copiar




Nahume 3:3
10 Referencias Cruzadas  

A leleka motho. Ka botjhabela ho serapa sa Edene a bea dikerubime, le sabole e tukang malakabe, e tsokotsehelang ka nqa tsohle, ho lebela tsela e yang sefateng sa bophelo.


Ka bona bosiu boo, lengeloi la Morena la tswa, la ya diahelong tsa Baasiria, la bolaya Baasiria ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi a metso e mehlano. Ha bosiu bo wela fatshe, kaofela ha bona ya be e se e le ditopo.


Ba bolailweng ba tla lahlelwa kantle, topong tsa bona ho tswe bodu se nkgang phu! Thaba di be di thelle, di thelle ke madi a bona.


Lengeloi la Morena la tswa, la ya diahelong tsa Baasiria, la bolaya Baasiria ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi a metso e mehlano. Ha bosiu bo wela fatshe, kaofela ha bona ya be e se e le ditopo.


Morena o tla ahlola bohle ka mollo le ka sabole, bao a tla ba bolaya e tla ba boiyane.


Wena Gogo le mabotho a hao, le ditjhaba tse emeng le wena, le tla bolaelwa hodima dithaba tsa Iseraele, ditopo tsa lona di jewe ke dinonyana tse jang dififi, le ke dibatana tsa naha.


A tla hatana hodimo jwalokaha eka a baleha sabole, le hoja ho se ya a lelekisang, mme a tla hloka matla a ho lwantsha dira tsa wona.


Kariki tsa bona di phunyeletsa hara diterata, di etsa menyakwe mabaleng a motse; di phatsima sa dirumola di phatsima, di tjhalametsa sa lehadima le tjhalametsa.


Letsatsi le kgwedi tsa ema themelele! ha metsu ya hao e bebang e tsekema, ha rumo la hao le benyang le phatsima.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios