Nahume 2:5 - BIBELE5 Ninife e hlabela bahlabani ba yona mokgosi, empa tseleng ya bona ba a kgothometseha, ba kgoroha ba leba lerakong la motse, ba kgoroha ba se ba teteantse dithebe. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)5 Ninive o hopola bahlabani ba hae; ba kgoptjwa tseleng tsa bona, ba itlhahanela lerakong la hae, ba lokisa tshireletso! Ver Capítulo |
“Bohle ba fulang ka diqha le ka metsu, ba bitseng bohle, ba futuhele Babilona, ba e etsetse sakana-la-nkope, ba se tlohele le ya mong a phonyoha. Putsang Babilona ka baka la ketso tsa yona, le e etse seo e ila se etsa ba bang, hobane Babilona e ikgantsheditse Morena, ya ikgatshetsa Ya Halalelang wa Iseraele.