Moeklesia 9:9 - BIBELE9 Ka matsatsi wohle a bophelo ba hao ba lefeela, boo Modimo a o neileng bona mona lefatsheng, e leng matsatsi a se nang thuso, iphelele ka thabo le mosadi wa hao eo o mo ratang. Ona ke wona moputso oo o o fumanang ha o ntse o phela, mme o sebetsa ka thata mona lefatsheng. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)9 Phela hamonate le mosadi eo o mo ratang, ka ditshiu tsohle tsa bophelo ba hao ba lefeela, boo o o neileng bona tlasa letsatsi, ka matsatsi a hao a se makae, etswe e le kabelo ya hao bophelong le mokgathaleng wohle wa hao oo o ikgathaditseng ka wona tlasa letsatsi. Ver Capítulo |