Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Moeklesia 8:9 - BIBELE

9 Tsena tsohle ke ile ka di elellwa, ha ke ntse ke nahana dintho tsohle tse etswang mona lefatsheng. Ka hlokomela kamoo motho e mong a iketsang mmampodi kateng hodima ba bang, mme a ba hlokofatsa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ke di bone kaofela tseo, ha ke ne ke ntse ke nahana mesebetsi yohle e etswang tlasa letsatsi, le kamoo batho ba renang hodima ba bang kateng ho ba etsa hampe.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 8:9
15 Referencias Cruzadas  

Ba bolaya bara ba Sedekiya moo a ntseng a ba shebile, yena ba mo honya mahlo, ba mo tlama ka mahlaahlela a lethose, ba mo isa Babilona.


Jwale metsi a kgutla, a kwahela dikariki tsa ntwa le bapalami, mmoho le mabotho wohle a Faro a neng a ba setse morao ho ya fihla lewatleng, empa ha ho le ya mong wa bona ya ileng a phonyoha.


Ke bone mesebetsi yohle e etswang mona lefatsheng, empa kaofela ha yona ke mafeela a tshwanang le ho lelekisa moya.


Ke bone mosebetsi o boima oo Modimo a o neileng batho hore ba o sebetse.


Mona lefatsheng ka boela ka bona hona: Sebakeng sa kahlolo ka bona bokgopo, sebakeng sa toka ka bona bokgopo.


Ka boela ka nahana, mme ka bona diketso tsohle tsa kgatello tse etswang mona lefatsheng: Ka bona meokgo ya ba hatellwang, feela bona ba se na motshedisi; bahatelli ba bona ba ena le matla, feela ba hatellwang ba se na motshedisi.


Ho na le bobe bo otlang pelo, boo ke bo boneng mona lefatsheng: Motho o bokella leruo le tlise bosoto,


Ditoro tse ngata le dipolelo tse ngata ke mafeela, empa wena eka kgona o tshabe Modimo.


Ha o bona mofutsana a hatellwa, a amohuwa toka le ditokelo tsa hae naheng ya heno, tseo di se ke tsa o makatsa, hobane mookamedi o na le ya mo okametseng, mme baokamedi le bona ba na le mookamedi e moholo.


Ka pelong ka labalabela ho batla tsebo, ho fuputsa le ho sibolla bohlale, ho fumana mabaka a boleng ba dintho; ho tseba ha bokgopo e le bothoto, bothoto bona e le bohlanya.


Mohlalefi wa mohatelli o a thotofala, tjotjo yona e senya pelo ya motho.


“Empa Sihone, kgosi ya Heshebone, a se ke a re dumella ho feta naheng ya hae, hobane Morena Modimo wa rona, o ne a ile a thatafatsa moya wa hae, a etsa hore pelo ya hae e be manganga, e le hore a tle a neelane ka yena matsohong a lona, jwalokaha ho etsahetse kajeno.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos