Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Moeklesia 8:8 - BIBELE

8 Motho ha a na matla a ho busa moya wa hae, kapa a ho laola tsatsi la lefu la hae; ha ntwa e kopane ha ho bewe dihlomo fatshe, bokgopo bo ke ke ba lokolla ba bo etsang!

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Motho ha a na matla a ho busa moya hore a o thibele; ho jwalo, ha a na ho laola letsatsi la lefu, ha ho kamoo ho ka phonyohuwang ntweng eo kateng, le bolotsana ha bo na ho lwela ba bo etsang.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 8:8
21 Referencias Cruzadas  

Bohle re tlameha ho shwa. Re jwaloka metsi a qhaletsweng fatshe, a ke keng a hlola a bokellwa. Le yena Modimo ha a furalle batho, empa o etsa matsapa a hore ya lelekilweng ke batho a se ke a lahlwa ke Modimo.


Ba ba sala morao ho ya fihla Jorodane. Ba fumana diaparo, le dijana tseo Baarame ba ileng ba di lahla ha ba baleha, di entse mohoula tseleng. Maqosa a kgutla, a fihla a bolella kgosi.


Tshiu tsa motho di badilwe, palo ya kgwedi tsa hae e tsejwa ke wena, o mo sehetse moedi, a ke ke be a o tlola.


Haeba e ne le morero wa hae, a busetsa moya wa bophelo ho yena,


Morena, ako hopole bokgutshwanyane ba bophelo, hopola hore batho bohle o ba bopetse lefeela.


Morena o itsebahaditse, o phethahaditse kahlolo, ba kgopo ba kgatilwe ke mesebetsi, mesebetsi ya diatla tsa bona.


Bokgopo ha bo ke be bo bope motho, ba lokileng bona ba ke ke ba sisinngwa.


Ya kgopo o fediswa ke bokgopo ba hae, ya lokileng o na le letshepa, esita le lefung la hae.


Ke mang ya tsebang hore na moya wa motho o nyolohela hodimo, wa phoofolo wona o theohela tlasa lefatshe?”


Empa ya kgopo a ke ke a phela hamonate, le matsatsi a bophelo ba hae a ke ke a lelefala jwaloka seriti, hobane yena ha a tshabe Modimo.


Hape ha ho motho ya tsebang hore na nako ya hae e tla tla neng: Jwalokaha tlhapi di tshwaswa ke tlowa le sehloho, kapa dinonyana di tshwaswa ke leraba, batho le bona ba tshwaswa ke nako tse mahlonoko, di ba tsometse ba sa lebella letho.


Lona le itse: “Re entse selekane le lefu, ra etsa tumellano le Nqalo ya Bafu. Ha koduwa e tshabehang e wela lefatshe, rona e tla re feta mohwalotso, hoba leshano ke tshabelo sa rona, bohata ke bona tshireletso ya rona.”


Selekane sa lona le lefu se tla fediswa, tumellano ya lona le Nqalo ya Bafu e fediswe. Mohla koduwa e tshabehang e welang lefatshe, e tla le wela hodimo, e le hatakele.


“O ile wa thepa bokgopo ba hao, wa ba wa re: ‘Ha ho ya mponang!’ Wa kgeloswa ke bohlale le tsebo ya hao, ka pelong ya hao wa ithetsa, wa re: ‘Ho re nna feela, ha ho pohopedi ntle ho nna!’


O jalwa e le o eisehang, o tla tsoha e le o tlotlehang. O jalwa e le o fokolang, o tla tsoha e le o matla.


Ke nnete, bofokoding ba hae, o ile a thakgiswa, empa, ka matla a Modimo, o a phela. Le rona re fokola jwaloka Kreste, empa, ka matla a Modimo, re tla phela le yena, ho le sebeletsa.


Batho ba abetswe ho shwa hanngwe, ba nto ahlolwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos