Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Moeklesia 8:7 - BIBELE

7 Motho ha a na tsebo ya tse tla etsahala; tsa maisao a ka di senolelwa ke mang?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 ha a tsebe le hanyenyane se tla etsahala; hobane ya tla mmolella se tla hlaha, ke ha e le mang na?

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 8:7
14 Referencias Cruzadas  

Yaba Hamane o re: “Mofumahadi Esetere le yena ha a a ka a dumella motho ho tla le kgosi moketeng oo a neng a o lokisitse, haese nna feela. Le hosasane nna, hammoho le kgosi, ke sa memetswe moketeng wa hae.


hobane hanghang koduwa e tla a wela hodimo. Ana ke mang ya ka tsebang tshenyo eo ba tla e etsa?


O se ke wa ithorisa ka la hosasane, hobane ha o tsebe hore le ka o tlela ka dife.


Motho ya nnileng a kgalengwa empa a satalatsa molala, hanghang o tla welwa ke kotsi, pheko e be siyo.


Sethoto ha se hehla ha se kgaotse! Motho a ke ke a tseba tse tla etsahala; tse tla hlaha hoba a fete di ka senolwa ke mang?


Ka baka leo ke bone hore ha ho letho le molemo ho feta hore motho a ithabise ka tseo a di entseng, hobane hoo ke yona kabelo ya hae. Ke mang ya ka etsang hore motho a bone tse tla etsahala ha a se a shwele?


Ke mang ya ka tsebang se molemo ho motho bophelong boo bo bokgutshwanyane, boo a fetang ho bona jwalokaha eka ke seriti? Ke mang ya ka mmolellang se tla etsahala moo lefatsheng ha yena a se a iketse?


Mohla tsatsi la thabo nyakalla le wena, mohla tsatsi la mahlonoko ako hopole sena: Matsatsi ana, bobedi, a entswe ke Modimo; kahoo tsa kamoso motho a ke ke a di tseba.


Tsena tsohle ke ile ka di nahana, ka leka ho di hlalosa, ka fumana hore ba lokileng le ba bohlale, hammoho le mesebetsi ya bona, ba matsohong a Modimo. Hore na ba a ratwa kapa ba hloilwe, le teng ha ba tsebe; motho ha a tsebe se mo tlelang.


Hape ha ho motho ya tsebang hore na nako ya hae e tla tla neng: Jwalokaha tlhapi di tshwaswa ke tlowa le sehloho, kapa dinonyana di tshwaswa ke leraba, batho le bona ba tshwaswa ke nako tse mahlonoko, di ba tsometse ba sa lebella letho.


Ka baka leo, le lona itokiseng, hobane Mora Motho o tla tla ka nako eo le sa e lebellang.”


Monga mohlanka eo o tla tla ka letsatsi leo mohlanka a sa le lebellang, le ka nako eo a sa e tsebeng,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos