Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Moeklesia 8:5 - BIBELE

5 Ya hlomphang taelo ya kgosi a ke ke a tswa kotsi, mohlalefi o tseba hore nako ya kahlolo e teng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ya bolokang taelo a ke ke a bona tsietsi; mme pelo ya ya bohlale e tla tseba nako le kahlolo.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 8:5
21 Referencias Cruzadas  

Ba morabe wa Isakare, ba neng ba tseba ditaba tsa mehla eo, ba tseba le seo Iseraele e lokelang ho se etsa, e ne e le baetapele ba makgolo a mabedi, e le bona ba laolang bang ka bona bohle.


Nke ke ka hlajwa ke dihlong, ha ke hlokomela melao yohle ya hao.


Empa babelehisi ba ne ba tshaba Modimo, mme ba se ke ba etsa kamoo kgosi ya Egepeta e ba laetseng kateng, ba tlohela bana ba bashanyana ba phela.


Ba lokileng ba ke ke ba hlahelwa ke ditsietsi, empa ba kgopo ba tla aparelwa ke bobe.


Bohlale bo mahlong a ya masene, mahlo a sethoto wona a thalatsa kahohle.


Pelo ya ya bohlale e sekamela ho lokeng, pelo ya ya sethoto e sekamela bokgopong.


Tsohle jwale di utlwahetse, mme qetello ya taba ke ena: Tshaba Modimo, o boloke melao ya hae, hoba hona ke tshwanelo yohle ya motho.


Ya bohlale o na le mahlo a tjhatsi, athe sethoto se itsamaela lefifing. Ha e le nna ka hlokomela hona: Bohle pheletso ya bona e a tshwana.


Ke re ho lona: Hlomphang taelo ya kgosi, hobane le entse kano kapele ho Modimo.


Efraime o hateletswe, o hlotswe ke nyewe, hobane a ne a batla thuso, a e batla ho medingwana.


A re ho bona: “Jwale he, neang Sesare seng sa Sesare le Modimo seng sa Modimo.”


Empa Petrose le Johanne ba ba araba, ba re: “Ahlolang e le lona hore na ho nepahetse mahlong a Modimo ho mamela lona, ho ena le ho mamela Modimo.


Yaba Petrose le baapostola ba a araba, ba re: “Eka kgona ho mamelwe Modimo ho ena le batho.


Ka baka leo, ho tloha mohla re neng re utlwa hona, rona ha re a ka ra kgaotsa ho le rapella. Re nnile ra kopa Modimo hore a le fe ho tseba thato ya hae, ka ho le nea bohlale bohle le kutlwisiso yohle e tswang ho Moya wa hae.


Athe dijo tse thata ke tsa batho ba baholo, ba seng ba ithutile ho hlalohanya botle le bobe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos