Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Moeklesia 7:16 - BIBELE

16 Se itokafatse ho feta tekanyo, kapa wa itlhalefisa ho feta tekanyo; ebe o ipolaelang ka ho etsa jwalo?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 O se ke wa iketsa ya lokileng ka ho fetisisa, o se ke wa ipea ya hlalefileng ka ho tlodisa; hobane ke ha o ne o tla itimeletsang na?

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 7:16
25 Referencias Cruzadas  

Mosadi a elellwa hore sefate seo se ka jewa, se bile se kgahla mahlo; le hore se a lakatseha, hobane se hlalefisa motho. Yaba o kgola tse ding tsa ditholwana tsa sona, o a di ja; a ba a fa le monna wa hae, le yena a ja.


Empa sethoto se ke ke be sa hlalefa, jwalokaha petsana tonki, e ke ke ya ba ya tswalwa e le motho.


“Yaba o re ho motho: ‘Ho tshaba Morena ke bona bohlale; ho furalla bokgopo ke yona kutlwisiso.’ ”


O se ka itja matla hore o ithuise; eba le bohlale ba ho itshwara.


Ha o ntshetsa dinotshi o di je ka tekanyo; ha o ka itlopa tsona, di tla o hlatsisa.


Jwale itlhokomele, ngwana ka! Ho ngolwa ha dibuka ha ho fele; ho ithuta haholo le hona ho tepeletsa mmele.


“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le hahela baporofeta mabitla; le kgabisa diemahale tsa mabitla a ba lokileng,


Bonang, ntlo ya lona e tla sala e le dithako.


“Diketso tsa bona tsohle ba di etsa hore ba bonwe ke batho. Ba habolla mekotlana ya Mangolo a halalelang eo ba e rwetseng, ba lelefatsa ditjellane tsa dikobo tsa bona,


Jwale barutuwa ba Johanne ba tla ho Jesu, ba re: “Ke ka baka lang rona le Bafarisi re itimang dijo hangata, empa barutuwa ba hao ba sa itime?”


Ke itima dijo habedi ka beke; ke ntsha karolo e le nngwe ho ya tsohle tseo ke di fumanang.’


Ke paki ya bona ya hore ba tjhesehela Modimo, leha e se ka tsebo ya nnete.


Bana beso, ho na le sephiri seo ke sa rateng hore le hloke tsebo ya sona, esere la ipona le le bohlale: e leng hore karolo e itseng ya setjhaba sa Iseraele e tla thatafala ho fihlela ha ho kene palo e lekaneng ya baditjhaba.


Ka baka la neo ya mohau eo ke e neilweng, ke bolella e mong le e mong wa lona hore a se ke a ikgopola ho feta tekanyo, a mpe a inahane ka mokgwa o lekaneng, ho ya kamoo Modimo a lekanyeditseng e mong le e mong tumelo ya hae kateng.


Ho se be ya ithetsang. Ha e mong hara lona a ikgopola hore o na le bohlale ba lefatshe lena, a ke a fetohe sethoto, e le hore a tle a hlalefe.


Hape ho thwe: “Morena o tseba hore mehopolo ya ba bohlale ke lefeela.”


ka nqeng ya tjheseho ke ne ke le mohlorisi wa kereke; ka nqeng ya ho loka ho tswang Molaong, ha ke nyatsehe.


Le se ke la hlokiswa moputso wa lona ke ba ikokobetsang ka mokgwa o fosahetseng, mme ba rapelang mangeloi, ba reng ba bona dipono, ba ikgohomosang ka dintho tsa lefeela ka baka la menahano ya bona ya botho.


Leha ho ba le borapedi ba maiketsetso, ho ikokobetsa ka mokgwa o fosahetseng, ho hlokofatsa mmele, di bonahala e ka di na le bohlale, ha di na thuso, haese ho tjhatjhehisa ditakatso tsa botho.


Ba tla thibela batho ho nyalana, ba re ho ilwe dijo tse itseng, athe Modimo o di etseditse hore di jewe ka teboho ke ba dumelang, ba tsebang nnete ka ho tlala.


Ba itshela ka lerole dihloohong, ba howa, ba lla, ba hlomoha, ba re: “ ‘Ho madimabe! Ho madimabe! Motse o moholo, moo bohle, ba neng ba ena le dikepe lewatleng, ba ileng ba ruiswa ke leruo la wona! Empa o fedisitswe ka nako ya hora feela!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos