9 Mosebetsi oo motho a o fufulellwang o mmuseletsa eng?
9 Ya sebetsang o ruang ka mosebetsi oo a ikgathatsang ka wona?
Mesebetsi yohle e na le moputso wa yona, empa ho berabera hona ho a futsanehisa.
Motho o boellwa keng mosebetsing wohle wa hae, oo a o sebetsang ka thata lefatsheng?
Ha ke tadima mesebetsi ya matsoho a ka, le ho fufulelwa ha ka ha ke e sebetsa, tsohle e ne le lefeela le kang ho lelekisa moya! Ha ho na moputso mona lefatsheng!
Hona le hona ke bobe bo otlang pelo: Motho o ikela a le feela sa ha a tswalwa; ebe o fumaneng ka ho sebeletsa lelea?
Ebe motho a ka boellwa ke eng haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a senyehelwa ke bophelo ba hae? Kapa motho a ka rekanya bophelo ba hae ka eng?
Ikokobeletseng ba jwalo, esita le bohle ba sebetsang, ba fufulelwang mmoho le bona.