Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Moeklesia 2:6 - BIBELE

6 Ka iketsetsa matshana ao ka metsi a wona ke nwesetsang difate tse lemilweng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 ka iketsetsa matamo a metsi a ho nosetsa moru wa difate tse melang.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 2:6
7 Referencias Cruzadas  

Yaba ke fetela Monyakong wa Sediba, le Letshaneng la Kgosi, empa ho ne ho se moo phoofolo eo ke neng ke e palame e neng e ka feta le teng.


Hape ke newe le lengolo le yang ho Asafo, molebedi wa moru wa kgosi, e le hore a tle a mphe difate tse tla etsa menyako ya qhobosheane, e pela Tempele, le ya lerako la motse, le ya ntlo ya ka ya bodulo.” Kgosi ya amohela kopo ya ka, hobane Modimo wa ka o ne a ntlhohonolofaditse.


Monyako wa Sediba wa tsoswa ke Shalome, mora wa Kolohose, mmusi wa karolo e nngwe ya Misepa. A o haha, a o rulela, a kenya menyako ya wona, le dinotlolo tsa wona, le mekwallo ya wona. A haha le lerako le potapotileng Letshana la Shela, le pela Serapa sa Kgosi; a le haha ho ya fihla mehatong e theohang e etswa Motseng wa Davida.


Nehemia, mora wa Asabuke, mmusi wa karolo e nngwe ya Bete-Sure, a latela Shalome; a tsosa karolo ya lerako e tobaneng le mabitla a Davida, ho ya fihla letshaneng, le ho ya fihla Tlung ya Bahale.


Eo o jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi a nwesetsang, se behang ditholwana ka nako ya tsona, seo mahlaku a sona a sa poneng. Yena o atleha ho tsohle tseo a di etsang.


Molala wa hao o ka tora ya manaka a tlou, mahlo a hao a ka matshana a Heshebone, a pela monyako wa motse, motse oo o moholo. Nko ya hao e ka tora ya Lebanone, tora e lebileng ka nqeng ya Damaseka.


O tla tshwana le sefate se lemilweng pela metsi, seo metso ya sona e namelang pela molatswana. Ha se ke se tshoswa ke ho fihla ha lebatama, mahlaku a sona a matalana kamehla, ka nako ya komello ha se ke se tshwenyeha, kamehla se beha ditholwana tsa sona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos