Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Moeklesia 2:16 - BIBELE

16 Ya bohlale, ho tshwana le ya sethoto, a ke ke a hopolwa kamehla le mehla; ka nako e tlang bobedi ba tla lebalwa. Mohlalefi o shwa jwalokaha thoto se eshwa!

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ho jwalo: ya bohlale le lewatla ba babedi ba ke ke ba nna ba hopolwa ka ho sa feleng; etswe mehleng e tlang tsohle di tla be di se di lebetswe. Hle! ya bohlale o ntse a eshwa jwaloka lewatla!

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 2:16
17 Referencias Cruzadas  

Kgosi ya llela Abinere, ya re: “Abinere, o shweletseng jwaloka tseketseke?


ha moya o foka hodima yona e a fela, ebe ditulo tsa yona di sala di le feela.


Motho a ke ke a phela hoyahoile, a se ke a tseba lebitla.


Na mohau wa hao o tla bolelwa, o bolelwe ke ba ka mabitleng, botshepehi ba hao bo tla bolelwa, bo bolelwe ke ba leng timelong?


Josefa a shwa, le bana babo bohle, le moloko oo wohle.


Kgosi e ntjha, e neng e sa ka ya tseba Josefa, ya busa Egepeta.


Ya bohlale o tseba ho kgetha tsela ya hae, sethoto se ithetsa ka bothoto ba sona.


Baholoholo ba kgale ha ba sa hopolwa; esita le bao e leng hona ba tla tla, bahlahlami ba bona ba ke ke ba ba hopola!


Ya bohlale o na le mahlo a tjhatsi, athe sethoto se itsamaela lefifing. Ha e le nna ka hlokomela hona: Bohle pheletso ya bona e a tshwana.


Jwale ka bua ka pelo, ka re: “Se hlahelang sethoto le nna se tla ntlhahela; ke fumanang ka ho ba bohlale haholo?” Ka bua ka pelo, ka re: “Hona le hona e ntse le lefeela!”


Mohlalefi o feta ya sethoto ka eng? Mofutsana o fumanang ka ho tseba ho phela le batho?


Ho molemo ho etela lapa le aparetswe ke bofifi, ho ena le ho etela lapa la moketeko, hoba lefu ke pheletso ya motho ka mong; ba phelang hona ba ho nahane hantle.


Ka bona le ba kgopo ba epelwa, bona ba neng ba ye ba kene ba be ba tswe sebakeng se halalelang, mme baahi ba motse ba ba rorisetse tseo ba di entseng. Hona le hona ke lefeela.


Motsaneng oo ho ne ho ena le monna e mong ya futsanehileng, ya bohlale, eo ka bohlale ba hae a ileng a o lopolla; feela ha ho ya kileng a mo hopola.


Ba phelang bona ba a tseba hore ba tla shwa, athe bafu bona ha ho letho leo ba le tsebang, moputso le wona ha ba ka ke ba o fumana, esita le ho hopolwa ha ba sa hopolwa.


Ba tshabang Morena ba nnile ba buisana, mme Morena a ba utlwa, a ba sekehela tsebe. Yaba bukeng e kapele ho yena ho ngolwa ba mo tshabang, ba hlomphang lebitso la hae.


Batho ba abetswe ho shwa hanngwe, ba nto ahlolwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos