Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Moeklesia 2:11 - BIBELE

11 Ha ke tadima mesebetsi ya matsoho a ka, le ho fufulelwa ha ka ha ke e sebetsa, tsohle e ne le lefeela le kang ho lelekisa moya! Ha ho na moputso mona lefatsheng!

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Empa eitse ha ke tadima mesebetsi yohle eo matsoho a ka a e entseng, mme ke bala mokgathala oo ke ikgathaditseng ka wona ha ke e sebetsa, ka bona hoba tsohle ke lefeela le mosebetsi o nyopileng; ha ho letho le ka fihlelwang ka tsohle tse etswang tlasa letsatsi.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 2:11
13 Referencias Cruzadas  

Jwale Modimo a tadima tsohle tseo a di entseng, mme a bona hore di ntle haholo. Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la botshelela.


Morena, o tla ipata ho fihlela neng? Kgalefo ya hao e tla tuka, e tuke jwaloka mollo ho fihlela neng?


Yaba Moshe o hlahloba mosebetsi kaofela, mme a bona hore ba o phethile jwalokaha Morena a ne a laetse. Moshe a ba hlohonolofatsa.


Ke bone mesebetsi yohle e etswang mona lefatsheng, empa kaofela ha yona ke mafeela a tshwanang le ho lelekisa moya.


Ka ikemisetsa ho ithuta hore ke utlwisise bohlale le bohlanya le bothoto, empa ka elellwa hore le hona e ntse le ho lelekisa moya feela.


Motho o boellwa keng mosebetsing wohle wa hae, oo a o sebetsang ka thata lefatsheng?


Mosebetsi oo motho a o fufulellwang o mmuseletsa eng?


Ya ratang tjhelete ha e ke be e mo lekane, ya ratang leruo kamehla o a le halala; hona le hona e sa le lefeela.


Hona le hona ke bobe bo otlang pelo: Motho o ikela a le feela sa ha a tswalwa; ebe o fumaneng ka ho sebeletsa lelea?


Na hase Morena wa mabotho ya ileng a rera, hore mosebetsi wa batho o fediswe ka mollo, le hore ditjhaba di sebeletse lelea?


E, borapedi ke leruo le leholo ho ya kgotsofaletseng seo a nang le sona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos