Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Moeklesia 10:10 - BIBELE

10 Ha selepe se le nthithi, se sa leotswe, eka kgona moratha-patsi a be sefea; athe setsebi se thuswa ke bohlale ba sona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ha tshepe e le botswa, e sa leotswe, ya sebetsang ka yona o tshwanetse ho etsa ka matla; bohlale bo ka tsosetsa motho masene.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 10:10
20 Referencias Cruzadas  

Ka baka leo, ako nee mohlanka wa hao bohlale, hore a tsebe ho busa setjhaba sa hao, a hlalohanye botle ho bobe. Ke mang ya ka tsebang ho busa setjhaba se sekaalekaale?”


Ba morabe wa Isakare, ba neng ba tseba ditaba tsa mehla eo, ba tseba le seo Iseraele e lokelang ho se etsa, e ne e le baetapele ba makgolo a mabedi, e le bona ba laolang bang ka bona bohle.


Ha noha e ka loma pele e khwefuwa, mokhwefi wa dinoha a ke ke a putswa.


Thoto se tepeletswa ke mosebetsi wa sona, le tsela e yang motseng ha se e tsebe.


Ya thuang majwe a ka nna pitlwa ke wona, ya rathang patsi a ka nna hlajwa ke phatsa.


Ka bona hore bohlale bo molemo ho feta bothoto, jwalokaha lesedi le le molemo ho feta lefifi.


Bohlale bo molemo ho feta hlomo tsa ntwa, modibe ya mong o senya tse ngata tse molemo.


“Bonang, ke le roma jwaloka dinku hara diphiri; ha ho le jwalo le be masene jwaloka dinoha, mme le hloke mano jwaloka maeba.


Ho mamela ha lona ho tsejwa ke bohle; ka baka leo, ke a le thabela, mme ke lakatsa hore le be bohlale ho tse lokileng, le se ikamahanye le tse mpe.


Bana beso, le se ke la nahana jwaloka bana, le nahane jwaloka batho ba baholo, empa le be masea ka nqeng ya bobe.


Ke tla leotsa sabole ya ka ya lebenyane, ke tshware kahlolo ka letsohong la ka, ke iphetetse ho dira tsa ka, ba ntlhoileng ke ba buseletse.


Ebang sedi ho ba kantle, le sebedise monyetla oo le o fumanang.


Haeba e mong wa lona a hloka bohlale, a ke a bo kope ho Modimo ya fang bohle ka matsoho a mabedi, a sa kganane, mme o tla bo fuwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos