Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 9:18 - BIBELE

18 Kae le kae moo o mo tshwarang, o mo tabanya fatshe, a kgethetse makweba, a tsikitlanye meno, a satalle. Ke ile ka kopa barutuwa ba hao hore ba o leleke, empa ba ile ba hloleha.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Hohle ha o mo tshwara, o mo teanya fatshe, a ntshe makweba, a tsikitlanye meno, a omelle; ke boleletse barutuwa ba hao hore ba o leleke, ba mpa ba sitwa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

18 Hohle moo o mo tshwarang teng, o a mo hahola, a kgethetse makweba, a tsikitlanye meno, a omelle; mme ba sitwa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Hohle moo o mo tshwarang teng, o a mo hahola, a kgethetse makweba, a tsikitlanye meno, a omelle; mme ba sitwa.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 9:18
16 Referencias Cruzadas  

Ya ntlhoileng, ka kgalefo o a ntlepolaka, o ntsikitlanyetsa meno a hae; sera sa ka se ntjheba ka mahlo a ntjhotjho!


Ya kgopo ha a bona hoo, o a tlallana, o tsikitlanya meno, o a monyela; takatso ya ya kgopo e tla fela.


Yaba mosadi wa Mokanana, ya tswang teng, o tla a howa, a re: “Morena, Mora Davida, nkutlwele bohloko! Moradi wa ka o tshwenngwa hampe ke modemona.”


Ke ile ka mo tlisa ho barutuwa ba hao, empa ba sitilwe ho mo fodisa.”


empa bao e leng ba Mmuso oo ka tswalo ba tla lahlelwa kantle, lefifing, moo ho tla ba teng dillo le ditsikitlano tsa meno.”


Kannete ke a le bolella hore ha e mong a ka re ho thaba eo: ‘Sutha, o yo wela lewatleng,’ a se na pelaelo pelong ya hae, a mpa a dumela hore seo a se bolelang se tla etsahala, o tla se etsetswa.


E mong wa ba letshwele a mo araba, a re: “Moruti, ke tlisitse mora wa ka ya nang le moya o semumu ho wena.


A ba araba, a re: “A moloko o sa dumeleng! Ke tla ba le lona ho fihlela neng? Ke tla le mamella ho fihlela neneng? Mo tliseng ho nna!”


Ba mo tlisa ho yena. Hanghang ha moya o bona Jesu, wa tsukutla ngwana habohloko, mme a wela fatshe a thakginya, a ntse a kgethetsa makweba.


Wa bokolla, wa mo tsukutla habohloko, mme wa tswa; ngwana a ba jwaloka setopo, hoo ba bangata ba ileng ba re o shwele.


Yare ha ba utlwa tsena, dipelo tsa bona tsa hlabeha, mme ba mo tsikitlanyetsa meno.


Ke maqhubu a befileng a lewatle, a tlokomang lekweba la dihlong tsa bona. Ke dinaledi tse lelerang, tse boloketsweng lefifi le letsholetsho, ka ho sa feleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos