Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 7:14 - BIBELE

14 A boela a bitsetsa letshwele ho yena, a re ho lona: “Mmameleng bohle, mme le utlwisise!

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Yare hobane a biletse bongata bohle ho yena, a re ho bona: Mmameleng kaofela, le utlwisise:

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 Eitse hobane a bitse batho bohle ho yena, a re ho bona: Nmameleng e mong le e mong wa lona, mme le utlwisise.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Eitse hobane a bitse batho bohle ho yena, a re ho bona: Nmameleng e mong le e mong wa lona, mme le utlwisise.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 7:14
14 Referencias Cruzadas  

Elia a fihla ho setjhaba sohle, a re ho sona: “Le tla ba bo-temepedi ho fihlela neng? Haeba Morena ke yena Modimo, mo sebeletseng; le teng haeba Baale ke yena Modimo, sebeletsang yena.” Empa setjhaba sa kgutsa tu!


Mmikiya a re: “Haeba o ka kgutla ka kgotso, etlaba hase Morena ya buileng ka molomo wa ka.” Yaba o re: “Ebe le utlwile, lona bohle!”


Utlwisisang, lona setjhaba sa mawatla; dithoto ting! le tla hlalefa neng?


Lona ba se nang tsebo ithuteng bohlale! Lona dithoto batlang kutlwisiso!


A re: “Tsamaya, o yo bolella setjhaba sena, o re: ‘Ho utlwa le tla utlwa, empa le ke ke la utlwisisa; ho sheba le tla sheba, empa le ke ke la bona.’


Yaba moporofeta Jeremia o bua ho setjhaba sohle sa Juda, le ho baahi bohle ba Jerusalema, o re:


Jesu a bitsa letshwele, a re ho lona: “Mamelang, le utlwisise!


Le fetola lentswe la Modimo lefeela ka moetlo wa lona oo le o neeletsanang, mme le etsa tse ngata tse jwalo.”


Ha ho letho le kenang ka ho motho, le etswa kantle ho yena, le ka mo silafatsang, empa tse tswang ka ho yena ke tsona tse mo silafatsang.


Lekgatheng leo, ha letshwele la batho ba diketekete le bokane, hoo ba neng ba hatellana, Jesu a qala pele ka ho re ho barutuwa ba hae: “Hlokomelang tomoso ya Bafarisi, e leng boikaketsi.


Filipi a mathela ho yona, a mo utlwa a bala bukeng ya moporofeta Esaya. A re ho yena: “Na o utlwisisa seo o se balang?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos