Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 6:11 - BIBELE

11 Ha le etswa sebakeng sefe kapa sefe seo ba sa le amoheleng ho sona, le ho le mamela, le hlohlore lerole maotong a lona, e be bopaki bo ba qosang.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Bohle ba hanang ho le amohela, le ho le utlwa, ha le etswa ha bona, le hlohlore lerole le maotong a lona, e be bopaki ho bona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Mang le mang ya sa le amoheleng, leha e le ho le utlwa, mohla le tlohang teng, le hlohlore lerole le katlasa maoto a lona, e be bopaki ho bona. Kannete ke re ho lona: Ho tla ba bonolo ho Sodoma le Gomora ka letsatsi la kahlolo ho feta motse oo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Mang le mang ya sa le amoheleng, leha e le ho le utlwa, mohla le tlohang teng, le hlohlore lerole le katlasa maoto a lona, e be bopaki ho bona. Kannete ke re ho lona: Ho tla ba bonolo ho Sodoma le Gomora ka letsatsi la kahlolo ho feta motse oo.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 6:11
20 Referencias Cruzadas  

Le nna ka hlohlora maphutha a seaparo sa ka, ka re: “Ka mokgwa ona, Modimo a ke a hlohlore motho e mong le e mong ya sa phetheng tshepiso ena; a mo hlohlore, a mo ntshe ka tlung ya hae, a mo amohe maruo a hae; a hle a hlohlorwe ka tsela ena, a kgokgothwe!” Setjhaba sohle sa re: “A ho be jwalo!” Sa rorisa Morena. Batho bao ba etsa kamoo ba tshepisitseng kateng.


Ke a le bolella, lentswe le leng le le leng la bosawana leo batho ba le buang, ba tla ikarabella hodima lona ka letsatsi la kahlolo,


A re ho bona: “Kae le kae moo le kenang ka tlung le hlole teng ho fihlela le tloha.


Ha le etswa motseng oo ba sa le amoheleng ho wona, le hlohlore lerole maotong a lona, e be bopaki bo ba qosang.”


Empa yare ha ba mo hanyetsa, ba mo nyefola, a hlohlora diaparo tsa hae, a re ho bona: “Madi a lona a be hodima dihlooho tsa lona; nna ha ke na molato. Ho tloha jwale ke tla ya ho baditjhaba.”


Ho ya ka molaetsa o molemo, oo ke o bolelang, ho tla ba jwalo mohla letsatsi leo ka lona Modimo a ahlolang diphiri tsa batho ka Jesu Kreste.


Empa ka baka la bothata ba pelo ya hao e sa bakeng, o ikekeletsa kgalefo mohla letsatsi leo ka lona Modimo a tla bonahatsa kgalefo ya hae le kahlolo ya hae e lokileng.


Hapehape Modimo o ile a ahlola metse ya Sodoma le Gomora ka ho e tjhesa lore! Hona ya eba mohlala wa se tla hlahela ba kgopo.


Morena o tseba ho ntsha ba lokileng molekong, empa ba kgopo o ba bolokela kotlo ya mohla letsatsi la kahlolo,


Empa ha e le mahodimo le lefatshe la kajeno, di boloketswe ho tjheswa, ho ya ka yona taelo eo, mohla letsatsi la kahlolo, ha ho timetswa batho ba kgopo.


Seo lerato le tla be le phethehile ka sona ka ho rona ke sena: re tla ba sebete mohla letsatsi la kahlolo, hobane bophelo ba rona lefatsheng bo tshwana le ba Kreste.


Ho bile jwalo le ho baahi ba Sodoma le Gomora, le ba metse e ka mathoko. Le bona ba ile ba ineela bohlola, mme ba lakatsa dibopuwa disele. Metse ena e ileng ya welwa ke kotlo ya mollo o sa feleng, ke mohlala o ka bonwang ke bohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos