Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 5:36 - BIBELE

36 Empa Jesu ha a utlwa se bolelwang, a re ho mookamedi wa ntlo ya thapelo: “Se tshabe; dumela feela.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Empa Jesu ha a ka a hlokomela se bolelwang, mme a re ho mmusi wa sinagoge: Se tshohe, dumela feela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

36 Eitse ha Jesu a utlwa lentswe le bolelwang, a re ho molaodi wa sinagoge: Se tshabe, dumela feela.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

36 Eitse ha Jesu a utlwa lentswe le bolelwang, a re ho molaodi wa sinagoge: Se tshabe, dumela feela.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 5:36
11 Referencias Cruzadas  

Ba tsoha e sa le ka madungwadungwana, ba ya lehwatateng la Tekowa. Ha ba ntse ba tsamaya, Jehoshafate a ema, a re: “Lona baahi ba Juda, le lona baahi ba Jerusalema, mmameleng! Tshepang Morena Modimo wa lona, mme le ke ke la sisinyeha. Tshepang baporofeta ba hae, mme le tla atleha.”


A re ho bona: “Ke hobane tumelo ya lona e a fokola. Kannete ke a le bolella, ke re: Hoja le na le tumelo e kaa ka tlhaku ya mosetareta le ne le tla re ho thaba ena: ‘Sutha mona, o ye mane,’ mme e ne e tla sutha. Ha ho letho le ka le sitang.


Ha Jesu a ntse a ba bolella tsena, ha fihla e mong wa baokamedi ba ntlo ya thapelo, a mo kgumamela, a re: “Moradi wa ka o sa tswa hlokahala, empa tlo o mmee letsoho, mme o tla phela.”


E mong wa baokamedi ba ntlo ya thapelo, ya bitswang Jairuse, a fihla, mme ha a mmona a itihela maotong a hae,


Yaba o re ho yena: “Moradi, tumelo ya hao e o fodisitse; tsamaya ka kgotso, bohloko ba hao bo fole.”


Jesu a re ho yena: “O re, ‘haeba o ka etsa!’ Tsohle di ka etsahala ho ya dumelang!”


Empa Jesu ha a utlwa, a re ho Jairuse: “Se tshabe; dumela feela, mme o tla fola.”


Jesu a re ho yena: “Na ha ke a o bolella hore, ha o dumela, o tla bona tlotla ya Modimo?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos