Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 5:34 - BIBELE

34 Yaba o re ho yena: “Moradi, tumelo ya hao e o fodisitse; tsamaya ka kgotso, bohloko ba hao bo fole.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Jesu a re ho yena: Moradi wa ka, tumelo ya hao e o pholositse; eya ka kgotso, mme bohloko ba hao bo fele.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

34 Jesu a re ho yena: “Morali, tumelo ya hao e o fodisitse; tsamaya ka kgotso, mme o fole lefung la hao.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

34 Jesu a re ho yena: “Morali, tumelo ya hao e o fodisitse; tsamaya ka kgotso, mme o fole lefung la hao.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 5:34
19 Referencias Cruzadas  

Yaba Elisha o re ho yena: “Itsamaele ka kgotso.” Naamane a tsamaya sebakana ho tloha ho Elisha.


Eya, o itjelle dijo ka thabo, o inwelle veine o nyakaletse, hoba Modimo o sa kgahlisitswe ke ketso tsa hao.


“Empa ha moprista a etla ho tla hlahloba ntlo, mme a fumana hore lefu ha le a anela ntlo, kamora hore e dilwe, moprista o tla phatlalatsa hore ntlo eo e hlwekile, kaha lefu leo le phekolehile.


Batho ba mo tlisetsa monna ya shweleng ditho, ba mo nkile ka diphate. Ha Jesu a bona tumelo ya bona, a re ho ya shweleng ditho: “Ngwana ka, beta pelo, o tshwaretswe dibe tsa hao.”


Jesu a reteleha, mme ha a mmona, a re: “Moradi, beta pelo, tumelo ya hao e o fodisitse.” Mosadi eo a fola ho tloha nakong yona eo.


Jesu a re ho sona: “Eya, tumelo ya hao e o fodisitse.” Hanghang Baretimea a boela a bona, mme a latela Jesu tseleng.


hobane o ne a fodisitse ba bangata hoo bohle ba nang le mafu ba ileng ba mo kgobokanela hore ba mo ame.


Hanghang lehatlelo la hae la kgaotsa, mme a ikutlwa hore bohloko ba hae bo fodile.


Empa mosadi, ka ho tseba se etsahetseng ho yena, a tla ka tshabo le ka thothomelo, a itihela kapele ho yena, mme a mmolella nnete yohle.


Yaba o re ho yena: “Ema, o ikele; tumelo ya hao e o fodisitse.”


Jesu a re ho sona: “Boela o bone! Tumelo ya hao e o fodisitse.”


Empa a re ho mosadi: “Tumelo ya hao e o pholositse; eya ka kgotso!”


Yaba Jesu o re ho yena: “Moradi, tumelo ya hao e o fodisitse; eya ka kgotso!”


Monna enwa a mamela Paulosi ha a bua. Ha Paulosi a mo tadima, mme a bona hore o na le tumelo ya hore a ka fodiswa,


Hoba ba hlole teng nakwana, badumedi ba ba lokolla ka kgotso, ho boela ho ba ba romileng.


Jwale molebedi wa tjhankana a tsebisa Paulosi taba ena, a re: “Baahlodi ba laetse hore le lokollwe; ka baka leo tswang, le ye ka kgotso.”


ho thusang hore e mong wa lona a re ho yena: “Ikele ka kgotso, o futhumale, o kgore,” feela a sa mo fa tse hlokahalang hore a phele?


Eli a mo araba, a re: “Tsamaya ka kgotso! Eka Modimo wa Iseraele a ka o nea seo o se kopileng ho yena!”


Jwale Jonathane a re ho Davida: “Tsamaya ka kgotso, hobane rona ba babedi re ikanne ka lebitso la Morena, ra re: ‘Morena o tla ba le rona ba babedi, a be a be le ditloholo tsa rona kamehla yohle!’ ”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos