Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 4:37 - BIBELE

37 Sefefo se matla sa tsoha, maqhubu a phuthumetsehela ka sekepeng, hoo se batlileng se tlala.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Jwale, ha tsoha sefefo se seholo sa moya; maqhubu a metsi a kena sekepaneng, mme se ne se se batla se tlala.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

37 Jwale ha tsoha sefefo se seholo sa moya, mme maqhubu a befela sekepeng, hoo se neng se se se tlala.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

37 Jwale ha tsoha sefefo se seholo sa moya, mme maqhubu a befela sekepeng, hoo se neng se se se tlala.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 4:37
11 Referencias Cruzadas  

Morena a re ho Satane: “Ho lokile; tsohle tseo a di ruileng di matsohong a hao; feela yena o se ke wa mo ama ka letsoho la hao.” Yaba Satane o tloha kapele ho Morena.


Hanghang ha fihla sefefo se matla, se etswa lehwatateng. Sa diha dihuku tse nne tsa ntlo, ya buramela hodima bona, mme ba eshwa. Ke nna feela ya phonyohileng ho tla o tsebisa.”


Yaba Morena a fokisa moya o matla hodima lewatle, mme ha tsoha sefefo se tshabehang se ileng sa batla se thua sekepe.


Ba tloha hara letshwele, ba ya le yena ka sekepe seo a neng a ntse a le ka ho sona, mme a felehetswa ke dikepe tse ding.


Jesu o na le karolong e kamorao ya sekepe, a kgalehile mosamong. Ba mo tsosa, ba re ho yena: “Moruti! Na ha o tsotelle ha re timela?”


Yare ha ba fihla hlwahleweng e mateanong a maqhubu, ba lelemisetsa sekepe ho yona. Sefuba sa sona sa kgitla lehlabatheng, sa qawa, empa setono sona sa qala ho pshatlwa ke sefutho sa maqhubu.


Ka makgetlo a mararo ka shapuwa ka kgotla, ka tlepetswa ka majwe hanngwe; ka tlepetswa ka majwe hanngwe; ka makgetlo a mararo ke bile dikepeng tse pshatlehang, ka qeta letsatsi le bosiu ke fefoha hodima bodiba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos