Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 4:26 - BIBELE

26 Yaba Jesu o re: “Mmuso wa Modimo o jwalokaha motho a jala peo tshimong;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Yaba o re: Mmuso wa Modimo o jwaloka motho ha a jadile peo tshimong.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

26 A re: Mmuso wa Modimo o jwalo, jwaloka hoja motho a jala peo mobung;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 A re: Mmuso wa Modimo o jwalo, jwaloka hoja motho a jala peo mobung;

Ver Capítulo Copiar




Mareka 4:26
24 Referencias Cruzadas  

Motho ya kgopo o amohela moputso wa bolotsana, ya jalang ho loka o kotula moputso wa nnete.


Ya lebeletseng moya a ke ke a jala, ya tadimileng maru a ke ke a kotula.


Peo ya hao o e jale e sa le hoseng, ho fihlela mantsiboya matsoho a hao o se a phuthe, hobane ha o tsebe e tla atleha, kapa bobedi di tla mela hantle.


lona le tla ba lehlohonolo haholo, le jale peo ya lona mabopong a dinokana tsohle, pholo le tonki tsa lona di kgaphelwe sekwai.


A ba araba, a re: “Lona le neilwe ho tseba diphiri tsa Mmuso wa mahodimo, athe bona ha ba a ho newa.


Jesu a ba bolella setshwantsho se seng, a re: “Mmuso wa mahodimo o tshwantshwa le motho ya jetseng peo e ntle tshimong ya hae.


A le bolella ditaba tse ngata ka ditshwantsho, a re: “Mojadi o ile a tswa ho ya jala.


Jesu a ba bolella setshwantsho se seng hape, a re: “Mmuso wa mahodimo o tshwana le tlhaku ya mosetareta, eo motho a ileng a e nka, a e jala tshimong ya hae.


A ba bolella setshwantsho se seng hape, a re: “Mmuso wa mahodimo o tshwana le tomoso, eo mosadi a ileng a e nka, a e dubella phofong ya koro e tekanyo di tharo, ho fihlela hlama kaofela e ba e lomoseha.”


a re: “Bakang, hobane Mmuso wa mahodimo o atametse!”


Ho tloha nakong eo, Jesu a qala ho ruta, a re: “Bakang, hobane Mmuso wa mahodimo o atametse!”


hobane ya nang le letho o tla ekeletswa, empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a nang le sona.”


ebe o a robala, a tsohe, bosiu le motsheare, peo e mele, e hole, yena a sa tsebe na e mela jwang.


Yaba Jesu o re: “Mmuso wa Modimo o tshwana le eng? Nka o tshwantsha kang?


“Qaqiso ya setshwantsho ke ena: Peo ke lentswe la Modimo.


“Mojadi o ne a tswe ho ya jala peo ya hae. Ha a ntse a jala, e nngwe ya wela ka tseleng, ya hatakelwa, mme dinonyana tsa e ja.


Kannetenete, ke a le bolella, ha tlhaku ya koro e welang mobung, e sa shwe, e sala e le inotshi, empa ha e eshwa, e beha ditholwana tse ngata.


Ditholwana tsa ho loka di jalwa ka kgotso ke ba etsang kgotso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos