Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 2:26 - BIBELE

26 kamoo a neng a kene ka Tlung ya Modimo kateng, mehleng ya Moprista e Moholo Abiatare, a ja bohobe bo halalelang e leng boo a neng a sa dumellwa ho bo ja, bo jewa ke baprista feela, a ba a fa le bao a neng a ena le bona?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 kamoo a neng a kene tlung ya Modimo kateng, mehleng ya Abiathare, moprista e moholo, a ja mahobe a pontsha, a sa lokelang ho jewa, haese ke baprista ba nnotshi, a ba a fa le ba nang le yena?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

26 Kamoo a kileng a kena tlung ya Modimo kateng mehleng ya Abiathare, moprista e moholo, a ja mahobe a pontsha, a neng a sa dumellwa ho jewa, haese ke baprista, a ntoo nea le ba nang le yena?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Kamoo a kileng a kena tlung ya Modimo kateng mehleng ya Abiathare, moprista e moholo, a ja mahobe a pontsha, a neng a sa dumellwa ho jewa, haese ke baprista, a ntoo nea le ba nang le yena?

Ver Capítulo Copiar




Mareka 2:26
18 Referencias Cruzadas  

Sadoke le yena a tla, le Balevi bohle ba neng ba ena le yena, ba nkile areka ya selekane sa Modimo. Ba fihla ba bea areka ya Modimo fatshe, pela Abiatare, ho fihlela ha setjhaba sohle se felella ho tswa motseng.


Bo-Sadoke le Abiatare ba kgutlisetsa areka ya Modimo Jerusalema, mme ba hlola hona teng.


Ha ke re hona moo le na le bo-Sadoke le Abiatare? Ka baka leo, ntho efe kapa efe eo o utlwang e buuwa lapeng la kgosi, o e sebele baprista, bo-Sadoke le Abiatare.


Shefa ya eba mongodi wa puso, mme bo-Sadoke le Abiatare ya eba baprista.


Sadoke, mora wa Ahitube, le Ahimeleke, mora wa Abiatare, bona ya eba baprista; Serahiya yena ya eba mongodi wa puso.


A etsa mmomori le Joabe, mora wa Seruya, le moprista Abiatare, mme bao ba mo tlatsa.


Kgosi Solomone a araba, a re ho mmae: “Ke ka lebaka lang o kopang hore Adoniya a newe Abishake wa Moshuneme? Hoja wa hla wa mo kopela le wona mmuso, hobane ke moholwane wa ka; e bile le moprista Abiatare, le Joabe, mora wa Seruya, ke ba lehlakore la hae.”


Benaya, mora wa Jehoyada, e le molaodi wa mabotho; Sadoke le Abiatare e le baprista;


Mongodi ya bitswang Shemaya, mora wa Netanele, e leng e mong wa Balevi, a ngola mabitso a bona bukeng, moo kgosi, le mahosana, le moprista Sadoke, le Ahimeleke, mora wa Abiatare, le dihlooho tsa malapa a baprista le a Balevi, ba leng teng. Ho ne ho ye ho ngolwe lelapa le le leng la Eleasare, ho ngolwe le le leng la Itamare, jwalojwalo.


kamoo a neng a kene ka Tlung ya Modimo kateng, mme ba ja bohobe bo halalelang, e leng boo yena le bao a neng a ena le bona ba neng ba sa dumellwa ho bo ja, bo jewa ke baprista feela?


A re ho bona: “Na ha le eso ka le bala seo Davida a neng a se etse, mmoho le bao a neng a ena le bona, ha ba lapile, mme ba hloka se jewang;


Davida a fihla Nobe, ho moprista Ahimeleke. Ahimeleke a tla a ntse a thothomela, a tlilo kgahlanyetsa Davida. A re ho Davida: “Ke ka baka lang ha o le mong, o se na le motho e mong?”


Ha Abiatare, mora wa Ahimeleke, a ne a balehela Keila ho Davida, o ne a ile a theoha a nkile setipe.


Davida o ne a tseba hore Saule o ntse a mo rera ka lekunutu; yaba o re ho moprista Abiatare: “Tlisa setipe seo kwano!”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos