Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 14:5 - BIBELE

5 Setlolo sena se ka be se rekisitswe didenare tse fetang makgolo a mararo, mme tsa abelwa mafutsana.” Ba omanya mosadi eo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 athe se ka be se rekile didenare tse fetang makgolo a mararo, tsa newa bafumanehi. Ba itshena ho mosadi eo jwalo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Hobane e ka be e rekisitswe ka didenari tse fetang makgolo a mararo, mme ya newa bafumanehi. Mme ba mo korotlela.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Hobane e ka be e rekisitswe ka didenari tse fetang makgolo a mararo, mme ya newa bafumanehi. Mme ba mo korotlela.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 14:5
17 Referencias Cruzadas  

Ba dumaduma ba le ditenteng tsa bona, ba se ke ba mamela lentswe la Morena.


“Empa hoba mohlanka eo a tswe, a kopana le e mong wa balekane ba hae ba bohlanka, ya neng a ena le molato wa didenare tse lekgolo ho yena. A mo tshwara, a mo kgama, a re: ‘Lefa molato wa hao!’


Ba e amohela ba ntse ba korotlela monga tshimo,


Setlolo sena se ka be se rekisitswe tjhelete e ngata, mme ya abelwa mafutsana.”


Empa ba bang ba ipelaetsa, mme ba buisana, ba re: “Tshenyo ee ya setlolo e etsetswang?


Jesu a re ho bona: “Mo leseng! Le mo nyahamisetsang pelo? O nketseditse ketso e molemo.


Bafarisi le Ditsebi tsa Molao ba korotla, ba re: “Monna enwa o amohela baetsadibe, mme o ja le bona!”


hobane ba bang ba ne ba hopola hore, kaha Judase a ne a tshwere mokotlana wa tjhelete, Jesu o re ho yena: “Reka tseo re di hlokang bakeng sa mokete,” kapa a fe mafutsana ho hong.


Jesu a ba araba, a re: “Se dumadumeng.


Filipi a mo araba, a re: “Bohobe ba didenare tse makgolo a mabedi bo ke ke ba lekana hore e mong le e mong a fumane sengwathwana.”


Hape le se ke la dumaduma, jwalokaha le ba bang ba bona ba ile ba dumaduma, mme ba timetswa ke Motimetsi.


Ya utswang a se hlole a utswa, a mpe a tshware ka thata, a sebeletse tse molemo ka matsoho a hae, a tle a tsebe ho fa ya hlokang.


Yaba le korotla le le ka ditenteng tsa lona, le re: ‘Kahobane Morena a re hloile, o re ntshitse naheng ya Egepeta ho tla neelana ka rona matsohong a Baamore, hore ba re timetse.


Etsang tsohle ntle ho pelaelo kapa ngangisano,


Batho bana ke bakomakomi, bakganani, ba laolwang ke ditakatso tsa bona, bao melomo ya bona e buang tsa boikgohomoso, ba yang ka tshobotsi ho iphumanela tsa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos