Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 13:13 - BIBELE

13 Le tla hlouwa ke bohle ka baka la lebitso la ka, empa ya tla tiisetsa ho isa qetellong, yena o tla pholoswa.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Le tla hlouwa ke bohle ka baka la lebitso la ka; empa ya tiisetsang ho fihlela qetellong, ke yena ya tla bolokeha.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 Le tla hlouwa ke batho bohle ka baka la lebitso la ka; empa ya tiisetsang ho isa qetellong, ke yena ya tla bolokeha.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Le tla hlouwa ke batho bohle ka baka la lebitso la ka; empa ya tiisetsang ho isa qetellong, ke yena ya tla bolokeha.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 13:13
19 Referencias Cruzadas  

Ho lehlohonolo ya tla mamella ho fihlela matsatsi a sekete le makgolo a mararo le mashome a mararo a metso e mehlano a fela.


Le tla hlouwa ke bohle ka baka la lebitso la ka, empa ya tla tiisetsa ho isa qetellong, o tla pholoswa.


Empa ya tla tiisetsa ho fihlela qetellong, yena o tla pholoswa.


“Mohlang oo ba tla neelana ka lona hore le hlokofatswe, mme ba tla le bolaya. Ditjhaba tsohle di tla le hloya ka baka la lebitso la ka.


“Motho o tla ekelwa lefu ke ngwanabo, le ngwana ke ntatae, mme bana ba tla fetohela batswadi, ba ba bolaye.


Bohle ba tla le hloya ka baka la lebitso la ka.


“Le lehlohonolo ha batho ba le hloya, le ha ba le tebela, ba le hlapaola, ba kgesa lebitso la lona jwaloka hoja le le lebe, ka baka la Mora Motho.


Empa ba tla le etsa tsena tsohle ka baka la lebitso la ka, hobane ba sa tsebe ya nthomileng.


Ke ba neile lentswe la hao, mme lefatshe le ba hloile, hobane hase ba lefatshe, jwalokaha le nna ke se wa lefatshe.


Ba batlang tlotla le hlompho le ho se shwe, ka ho tiisetsa ho etsa tse lokileng, o tla ba nea bophelo bo sa feleng.


Re se kgathale ho etsa tse molemo, hobane re tla kotula ka nako e lokelang, haeba re sa tepelle.


Ha e le rona, ha re ba ka ikgulang, mme ra ya timelong, empa re ba dumelang, hore re tle re ye pholohong.


Re fetohile ba nang le kabelo le Kreste ho tsa hae, ha feela re tiisetsa, ho isa qetellong, tshepong e tiileng eo re bileng le yona qalong,


Ho lehlohonolo motho ya mamellang teko, hobane ha a se a amohelehile, o tla fumana mofapahlooho wa bophelo, oo Morena a o tshepisitseng ba mo ratang.


Le se ke la makala, bana beso, ha lefatshe le le hloile.


O se tshabe letho la tse tlang ho o hlokofatsa. Bona, Diabolosi o tla akgela ba bang ba lona tjhankaneng, e le hore le tle le lekwe, mme le hloriswe ka matsatsi a leshome. O tshepahale ho isa lefung; ke tla o nea mofapahlooho wa bophelo.


Kahobane o ile wa boloka lentswe la ka ka mamello, le nna ke tla o boloka ka nako ya ho lekwa ho tlang ho hlahela lefatshe lohle, ho leka baahi ba lefatshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos