Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 11:13 - BIBELE

13 A sa le hole, a bona sefate sa feiye se nang le mahlaku, mme a ya sheba hore na a ke ke a fumana ho hong ho sona. Empa ha a fihla ho sona, a se ke a fumana letho haese mahlaku feela, hobane e ne e se nako ya difeiye.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 A bonela hole sefate sa feiye se nang le mahlaku, a ya ka ho re, mohlomong a ka fihlela ho hong ho sona; empa, ha a fihla ho sona, a se ke a fumana letho, haese mahlaku feela; hobane e ne e se nako ya difeiye.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 Mme a bonela hojana sefate sa feiye se nang le mahlaku, a ya, a re mohlomong a ka fumana ho hong ho sona; hobane e ne e se nako ya difeiye.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Mme a bonela hojana sefate sa feiye se nang le mahlaku, a ya, a re mohlomong a ka fumana ho hong ho sona; hobane e ne e se nako ya difeiye.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 11:13
10 Referencias Cruzadas  

A e kgatha, a hleka majwe ho yona, ho yona a lema morara o motlemotle, a haha kalana bohareng ba yona, a ba a e tjhekela setlhotlelo, a lebella hore e behe morara o monate, empa ya beha morara wa hlahlaane.


Tshimo ya morara ya Morena wa mabotho, ke ntlo ya Iseraele, tjhaba sa Juda ke semela se mo kgahlang; Morena a batla toka, empa a e hloka, bakeng sa ho loka ya eba dillo le tshollo ya madi.


A bona sefate sa feiye kathoko ho tsela, a ya ho sona, a mpa a fumana se se na letho, haese mahlaku feela. A re ho sona: “O se hlole o beha ditholwana le ka mohla!” Sefate sa omella hanghang.


Ka la hosasane, ha ba etswa Bethania, Jesu a ikutlwa a lapile.


A bua, a re ho sona: “Ho se hlole ho eba le ya ka jang tholwana tsa hao le ka mohla!” Barutuwa ba hae ba mo utlwa ha a rialo.


Ha etsahala hore moprista e mong a theohe ka tsela eo, mme ha a mmona a mo kwekwetla.


Ruthe a ya, a fihla a kgwahlapisa tshimong, a setse bakotudi morao. Ka lehlohonolo a kena tshimong eo e leng ya Boase, eo e neng e le wa morabe wabo Elimeleke.


Jwale le shebe! Haeba areka e nyolosa ka mmila o yang Bete-Shemeshe, naheng ya habo yona, e tla ba ke Modimo he, ya re etseditseng koduwa ena e kgolo, empa haeba ho se jwalo, re tla tseba hore hase Modimo ya re bolaileng, ke ntho e re hlahetseng e ne e sa rerwa.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos