Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Malakia 1:14 - BIBELE

14 “Ho madimabe mothetsi eo ereng ha a ena le phoofolo e tona mohlapeng wa hae, e ka amohelehang, a ikane hore o tla nyehela ka yona, empa ebe o etsetsa Morena sehlabelo ka e nang le sepha! Etswe nna ke kgosi e kgolo,” ho rialo Morena wa mabotho, “mme ke lokela ho hlomphuwa hara ditjhaba.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ho rohakwe mothetsi ya hlahisang ntho e tshehadi, athe e tona e leng teng mohlapeng wa hae, le eo, ereng ha a ikanne, a hlabele Morena ntho e senyehileng; hobane ke Morena e moholo, ho bolela Jehova wa makgotla, mme lebitso la ka le tshabeha hara ditjhaba.

Ver Capítulo Copiar




Malakia 1:14
39 Referencias Cruzadas  

Mohlomong ntate o tla mphopholetsa, mme mahlong a hae ke tla bonahala ke le mothetsi, ebe ke itlisetsa thohako e seng tlhohonolofatso.”


Empa kgosi ya re ho Arauna: “Tjhe, ke tla reka dintho tsena ho wena ka theko ya tsona. Nke ke ka etsetsa Morena Modimo wa ka, nyehelo ya setjheso ka dintho tseo ke sa di rekang.” Davida a reka seotlo seo le dipholo tseo ka ditjhelete tsa silefera tse etsang boima ba dikeramo tse makgolo a tsheletseng.


Baditjhaba ba tla hlompha, ba hlomphe lebitso la Morena, le dikgosi tsohle tsa lefatshe di tla hlompha tlotla ya hao.


Lona ditjhaba tsohle, opang mahofi; faphang Modimo ka mehoo ya thabo.


Morena ya hodimodimo o a tshabeha; ke yena kgosi e kgolo, kgosi ya lefatshe lohle.


Modimo ke kgosi ya lefatshe lohle, mo rokeng ka bokgeleke.


Morena o moholo, o lokelwa ke thoriso e kgolo motseng wa Modimo wa rona, thabeng ya hae e a halalelang.


Thoholetsang matla a Modimo; ke yena ya renang hodima Iseraele, matla a hae a marung.


Etsang dikano, le di etsetse Morena Modimo wa lona, le be le di phethe; ditjhaba tsohle tse kamathoko di nyehelle Ya Tshajwang,


Morena ke Modimo e moholo, ke kgosi e kgolo, e phahametseng medimo yohle.


Ya phahameng, ya hodimodimo, yena ya phelang kamehla yohle, eo lebitso la hae le halalelang, o re: “Ke phela bakeng se phahameng, bakeng se halalelang, ya robehileng moya, ke phela le yena, le ya ikokobeditseng ke phela le yena, ke kgothatsa ya ikokobetsang, ke kgothatsa ya robehileng moya.


Empa Morena ke Modimo wa nnete, ke Modimo ya phelang, Kgosi ya kamehla yohle. Ha a halefile fatshe lohle le a reketla, tjhaba di sitwa ho mamella kgalefo ya hae.


“Ke a tiya, ke a hlapanya,” ho rialo Kgosi, Kgosi eo bitso la yona e leng Modimo wa mabotho; “E mong o tla tla sa Tabore hara dithaba, a tle sa Karamele e pela lewatle.


“Ya sa natseng mosebetsi wa Morena a rohakehe! Ya sa tsholleng madi ka sabole a rohakehe!”


Moabe e tla timetswa metse ya yona e futuhelwe, tjhatjha ya yona e we thekong ya ntwa,” ho rialo Kgosi bitso la yona ke Morena wa mabotho.


“Jwale nna Nebukadenesare, ke rorisa Kgosi ya Lehodimo, ke a e phafa, ke a e tlotlisa, hobane mesebetsi yohle ya yona e nepahetse, le ditsela tsa yona di lokile, mme ba ikgohomosang e a ba kokobetsa.”


Ka rapela Morena Modimo wa ka, ka etsa boipolelo bona, ka re: “Oho, Morena, wena Modimo e moholo, ya tshabehang, o baballa selekane sa hao sa lerato ka botshepehi ho ba o ratang, ba bolokang melao ya hao.


Ho bona Morena o tla tshabeha, a fedise medingwana yohle ya lefatshe. Tjhaba tsohle tse mabopong di tla mo kgumamela, motho ka mong a mo kgumamele a le ha habo.”


Morena e tla ba yena kgosi ya lefatshe lohle. Mohla tsatsi leo, Morena o tla ba mong, le lebitso la hae e be lona le inotshi.


Ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le tla ba leholo hara ditjhaba. Dibakeng tsohle ke tla nyehellwa ka sehlabelo sa mokubetso, le sa dinyehelo tse hlwekileng, hobane lebitso la ka le tla ba leholo hara ditjhaba,” ho rialo Morena wa mabotho.


Na ke hantle ha le nyehela ka phoofolo e foufetseng, le nketsetsa sehlabelo ka phoofolo e hlotsang kapa e kulang? Lekang feela le nyehelle mmusi wa lona ka phoofolo e jwalo! Na hoo ho ka mo thabisa? Na le ka amoheleha ho yena?” ho rialo Morena wa mabotho.


“Jwale lona baprista ke a le laya.


Lona setjhaba kaofela, le rohakehile, hobane le nqhekanyeditse.


mme o tla mo kgabelaka, a mmee hara baikaketsi, moo ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno.”


leha e le ka lefatshe, kahobane ke bonamelo ba maoto a hae; leha e le ka Jerusalema, kahobane ke motse wa Kgosi e kgolo;


O entse sohle seo a neng a ka se etsa: o se a tlotseditse mmele wa ka kepelo.


monga mohlanka eo o tla fihla ka letsatsi leo mohlanka a sa le lebellang, le ka nako eo a sa e tsebeng, mme o tla mo kgabelaka, a mo fe kabelo ya hae le ba sa dumeleng.


Ha thahasello e le teng, ho amohelwa seo motho a nang le sona, e seng seo a se nang sona.


“Haeba o sa hlokomele ho phetha mantswe wohle a molao ona, a ngotsweng bukeng ena, le ho tshaba lebitso lena le tlotlehang, le tshabehang, la Morena Modimo wa hao,


Ka nako ya teng o tla bonahatswa ke ya lehlohonolo, ya matla a inotshi, Kgosi ya dikgosi, le Morena wa Marena,


hobane Modimo wa rona ke mollo o tjhesang lore!


Ke mang ya ke keng a o tshaba, Morena? Ke mang ya ke keng a tlotlisa bitso la hao? Hobane ke wena feela ya halalelang. Ditjhaba tsohle di tla tla, di o kgumamele, hobane dikahlolo tsa hao di bonahaditswe.”


Empa ha e le makwala, le ba sa tshepahaleng, le ba etsang tse manyala, le babolai, le difebe, le baloi, le ba kgumamelang medimo ya bohata, le bohle ba buang leshano, kabelo ya bona ke letsha le tukang mollo wa sebabole, ke hore lefu la bobedi.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos