Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Luka 8:35 - BIBELE

35 Batho ba tswa ho ya bona se etsahetseng, ba tla ho Jesu, mme ba fumana monna eo bademona ba tswileng ho yena a dutse maotong a Jesu, a apere, kelello ya hae e tsitsitse hantle, mme ba tshoha.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Yaba batho ba tswela ho ya bona ho entsweng; ba fihla ho Jesu, ba fumana motho eo batemona ba tswileng ho yena a dutse maotong a Jesu, a apere, a ena le ditaba: mme ba tshaba.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

35 Yaba ba tswa ho ya bona se etsahetseng; ba tla ho Jesu, ba fumana monna eo batemona ba tswileng ho yena, a dutse maotong a Jesu, a apere, a ena le kelello e hlaphohileng: mme ba tshaba.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

35 Yaba ba tswa ho ya bona se etsahetseng; ba tla ho Jesu, ba fumana monna eo batemona ba tswileng ho yena, a dutse maotong a Jesu, a apere, a ena le kelello e hlaphohileng: mme ba tshaba.

Ver Capítulo Copiar




Luka 8:35
13 Referencias Cruzadas  

Etsa hore ke utlwe mehoo ya thabo, ke utlwe le mehoo ya nyakallo, ditho tsa ka di tle di hlasimolohe, ditho tseo o di robileng.


Kahoo o tla ba le seabo hara ba baholo, kgapo yona a e arolelane le dinatla, hobane bophelo ba hae o ila bo tella lefu, a ba a balellwa le baetsadibe. O ila itjarisa dibe dibe tsa ba bangata, mme baetsadibe a ba rapella.


Setumo sa hae sa utlwahala Siria yohle, mme ha tliswa ho yena bohle ba jewang ke mafu a mefutafuta, ba imetsweng ke mahloko, ba nang le bademona, ba shwang sethwathwa, le diritsa, mme a ba fodisa.


Ba tla ho Jesu, mme ba bona monna ya neng a ena le lebotho la bademona a dutse, a apere, kelello ya hae e tsitsitse hantle, mme ba tshoha.


O ne a ena le ngwanabo ya bitswang Maria, ya neng a dutse maotong a Morena, a mametse seo a se bolelang.


“Eitse hoba a ikelellwe, a re: ‘Bahiruwa ba bangata hakaakang ba ntate ba jang ba be ba di shebe feela, empa nna mona ke bolawa ke tlala.


Kamora matsatsi a mararo ba mo fumana ka Tempeleng a dutse hara baruti, a ba mametse, a ntse a ba botsa,


Yare ha a tswela lebopong, a kgahlanyetswa ke monna e mong ya tswang motseng, ya neng a ena le bademona, e se e le nako e telele a sa apare letho, a sa dule ka tlung, a mpa a dula mabitleng.


Badisa, ha ba bona se etsahetseng, ba baleha, ba ya beha motseng le metsaneng.


“Nna ke monna wa Mojuda ya tswaletsweng Tarasuse e Silesia, empa ke hodiseditswe motseng ona, ke le morutwana wa Gamaleele, ka rutwa ka nepisiso Molao wa bo-ntata rona, ka tjhesehella Modimo jwaloka lona bohle, kajeno.


Ya ntseng a etsa sebe ke wa Diabolosi, hobane haesale Diabolosi a etsa sebe ho tloha tshimolohong. Seo Mora wa Modimo a se tletseng ke ho fedisa mesebetsi ya Diabolosi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos