Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Luka 7:33 - BIBELE

33 “Etswe Johanne Mokolobetsi o ile a tla a sa je bohobe, a sa nwe veine, mme le re: ‘O na le modemona.’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Hobane Johanne Mokolobetsi o tlile a sa je bohobe, a sa nwe veine, mme le re: O na le motemona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

33 Hobane Johanne Mokolobetsi o tlile a sa je bohobe, a sa nwe veine; mme le re: O na le modemona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

33 Hobane Johanne Mokolobetsi o tlile a sa je bohobe, a sa nwe veine; mme le re: O na le modemona.

Ver Capítulo Copiar




Luka 7:33
12 Referencias Cruzadas  

Ho lekane ho morutuwa hore a be jwaloka moruti wa hae, le lekgoba jwaloka monga lona. Ha monga ntlo a bitswa Beele-Sebule, ba ntlo ya hae bona ba tla bitsollwa hampe hakaakang!”


Mehleng eo ha hlaha Johanne Mokolobetsi; a ruta feelleng la Judea,


Johanne o ne a apara seaparo se entsweng ka boya ba kamele, a itlama ka leqhama la letlalo thekeng; dijo tsa hae e ne e le ditsie le mahe a dinotshi tsa naha.


Johanne o ne a apara seaparo sa boya ba kamele, a itlamme ka leqhama la letlalo thekeng, a eja ditsie le mahe a dinotshi tsa naha.


hobane o tla ba moholo pela Morena; ha a ka ke a nwa veine leha e le seno se tahang, mme o tla tlala Moya o Halalelang a sa le popelong ya mmae.


Ba tshwana le bana ba dutseng lebaleng la motse, ba howeletsanang, ba re: “ ‘Re le letseditse diletsa, empa ha le a ka la etsa motjeko; re le binetse kodi-ya-malla, empa ha le a ka la lla.’


Mora Motho o ile a tla a eja, a enwa, mme le re: ‘Motho enwa ke monyollo le letahwa, motswalle wa balekgetho le wa baetsadibe!’


Ba bangata ba re: “O na le modemona, o a hlanya; keng ha le mo mamela?”


Bajuda ba mo araba, ba re: “Na ha re nepe ha re re, o Mosamaria, mme o na le modemona?”


Bajuda ba re ho yena: “Jwale re a tseba hore o na le modemona. Aborahama o shwele, le baporofeta ba shwele, empa o re: ‘Ha motho a boloka lentswe la ka, ha a ka ke a shwa le ka mohla.’


Empa ba bang ba ba soma, ba re: “Ba tahilwe ke veine.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos