Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Luka 6:27 - BIBELE

27 “Empa nna ke re ho lona ba mmametseng: Ratang dira tsa lona, etsang ba le hloileng hantle,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Empa ke re ho lona ba mamelang: Ratang bao e leng dira ho lona; ba le hloyang le ba etse hantle.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

27 Empa ke re ho lona ba utlwang: Ratang dira tsa lona, le etse hantle ho ba le hloileng;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Empa ke re ho lona ba utlwang: Ratang dira tsa lona, le etse hantle ho ba le hloileng;

Ver Capítulo Copiar




Luka 6:27
22 Referencias Cruzadas  

Kgosi ya re ho moporofeta wa Modimo: “Ako rapele Morena Modimo wa hao, o nthapelle hore letsoho la ka le fole.” Moporofeta enwa wa Modimo a rapela Morena, mme letsoho la kgosi la fola, la eba jwaloka pele.


Morena Modimo wa ka, haeba ke entse tsena: ha ke sebeditse bokgopo ka diatla tsa ka,


O se ke wa thabela ho wa ha sera sa hao, pelo ya hao e se nyakalle ha se kgothometseha;


Tlotla ho Morena ke ho etsa ditaba sephiri, athe tlotla ya dikgosi ke ho phenyaphenya ditaba.


A boela a re ho bona: “Hlokomelang seo le se utlwang. Tekanyo eo le lekanyang ka yona le tla lekanyetswa ka yona, mme le be le ekeletswe,


Jesu a re: “Ntate, ba tshwarele, hobane ha ba tsebe seo ba se etsang.” Jwale ba arolelana diaparo tsa hae ka lotho.


“Le lehlohonolo ha batho ba le hloya, le ha ba le tebela, ba le hlapaola, ba kgesa lebitso la lona jwaloka hoja le le lebe, ka baka la Mora Motho.


Empa ratang dira tsa lona, le di etse hantle, le adimane le sa lebelle ho buseletswa letho. Moputso wa lona o tla ba moholo, mme le tla ba bana ba Ya Hodimodimo, hobane yena o molemo ho ba hlokang teboho le ho ba kgopo.


Athe e mobung o motle, ke ba utlwang lentswe, ba le kgomarele ka pelo ya sebele, e molemo, ba behe ditholwana ka mamello.”


Ha ho le jwalo, hlokomelang kamoo le utlwang kateng, hobane mang le mang ya nang le letho o tla ekeletswa, empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a hopolang hore o na le sona.”


E nngwe ya wela mobung a motle, ya mela, ya beha tse lekgolo.” Hoba a rialo a howa, a re: “Ya nang le ditsebe ho utlwa a utlwe!”


kamoo Modimo a neng a tlotse Jesu wa Nasaretha kateng, ka Moya o Halalelang le ka matla. Jesu a tsamaya hohle a ntse a etsa tse molemo, a fodisa ba neng ba hateletswe ke Diabolosi, hobane Modimo o ne a ena le yena.


Empa Paulosi a mo howeletsa ka lentswe le phahameng, a re: “Se intshe kotsi, hobane re teng bohle!”


Yaba o a kgumama, o howa ka lentswe le phahameng, o re: “Morena, o se ke wa ba balla sebe sena.” Hoba a rialo, a ithoballa.


Jwale he, ha re sa ntse re ena le sebaka, a re etsetseng bohle molemo, haholoholo ba lelapa la bodumedi.


Hlokomelang hore ho se be ya busetsang bobe ka bobe, mme kamehla le pheelle ho etsetsana tse molemo, le ho di etsetsa bohle.


Motswalle, o se ke wa latela mehlala e mebe, o mpe o latele e metle. Ya etsang tse ntle ke wa Modimo; ya etsang tse mpe ha a eso ka a tseba Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos