Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 24:39 - BIBELE

39 Bonang matsoho a ka le maoto a ka, hore ke nna ka sebele. Ntoboketseng le utlwe, hobane sethotsela ha se na nama le masapo, kamoo le mponang ke ena le tsona kateng.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

39 Bonang diatla tsa ka le maoto a ka, hobane ke nna ka sebele. Ntoboketseng, le bone; hobane seriti ha se na nama le masapo, jwalokaha le mpona ke ena le wona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

39 Bonang matsoho a ka le maoto a ka, hobane ke nna; hobane moya ha o na nama le masapo, jwalokaha le mpona ke na le tsona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

39 Bonang matsoho a ka le maoto a ka, hobane ke nna; hobane moya ha o na nama le masapo, jwalokaha le mpona ke na le tsona.

Ver Capítulo Copiar




Luka 24:39
12 Referencias Cruzadas  

lerole le eso busetswe leroleng, moya o kgutlela ho Modimo, Mofani wa wona.


Yaba Moshe le Arone ba itihela fatshe ka difahleho, ba re: “Oho, Modimo, Modimo wa meya ya batho bohle, na o ka halefela setjhaba see sohle ka baka la sebe sa motho a le mong?”


Jesu a meketsa ka lentswe le phahameng, a re: “Ntate, ke bea moya wa ka matsohong a hao.” Hoba a rialo, a neela moya.


A re ho bona: “Le ferekanetseng? Ke ka baka lang le hlahelwang ke dipelaelo dipelong tsa lona?


Hoba a rialo, a ba bontsha matsoho le maoto a hae.


Hoba a rialo, a ba bontsha matsoho a hae le lehlakore. Barutuwa ba thaba ha ba bona Morena.


Barutuwa ba bang ba re ho yena: “Re bone Morena.” Empa a re ho bona: “Ha ke sa bone maqeba a dithakgisa matsohong a hae, ka kenya monwana wa ka masobeng a dithakgisa, mme ka kenya letsoho la ka lehlakoreng la hae, ha nka ke ka dumela.”


Yaba o re ho Thomase: “Tlisa monwana wa hao mona, o bone matsoho a ka; o tlise le letsoho la hao, o le kenye lehlakoreng la ka, mme o se ke wa hloka tumelo, o mpe o be le tumelo.”


Kamora tlhokofatso ya hae, o ile a iponahatsa ho bona a phela, ka bopaki bo bongata, ba nnete; ba mmona ka matsatsi a mashome a mane, a ntse a bua ka tsa Mmuso wa Modimo.


E ka Modimo ya fanang ka kgotso, yena ka sebele a ka le halaletsa ka ho tlala, e le hore ka mokgwa o phethehileng le bolokehe moyeng, pelong le mmeleng, le tle le se ke la nyatseha mohla Morena wa rona Jesu Kreste a tlang.


Hapehape re bile le bo-ntata rona ba lefatshe, ba ileng ba re kgalemela, mme ra ba hlompha; na jwale ha re lokele ho ikokobeletsa Ntata rona wa moya ka ho fetisisa, re tle re phele?


Re le ngolla tsa Lentswe la bophelo, le bileng teng ho tloha tshimolohong, leo re ileng ra le utlwa, ra le bona ka mahlo a rona, ra le boha, ra ba ra le ama ka matsoho a rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos