Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Luka 22:29 - BIBELE

29 Jwalokaha Ntate a nkgethetse Mmuso, le nna ke le kgethela wona,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Mme nna ke le nea mmuso, jwalokaha Ntate a nneile wona,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

29 Mme ke le bea mmuso, jwalokaha Ntate a nneile nna;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

29 Mme ke le bea mmuso, jwalokaha Ntate a nneile nna;

Ver Capítulo Copiar




Luka 22:29
14 Referencias Cruzadas  

Ruri ke a le bolella, o tla mo etsa modisa wa maruo wohle a hae.


“Monga hae a re ho yena: ‘Ke hantle, mohlanka ya kgabane, ya tshepahalang; o tshepahetse dinthong tse seng kae, ke tla o etsa modisa wa tse ngata. Kena, o thabe le monga hao!’


“Jwale Kgosi e tla re ho ba ka ho le letona: ‘Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le rue Mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa,


Jesu a atamela, a bua le bona, a re: “Ke neilwe matla wohle lehodimong le lefatsheng.


Ho lehlohonolo ba hlorisetswang ho loka, hobane Mmuso wa mahodimo ke wa bona.


“Ho lehlohonolo ba futsanehileng moyeng, hobane Mmuso wa mahodimo ke wa bona.


“Se tshabeng, mohlatswana, hobane Ntata lona o kgahlilwe ke ho le nea Mmuso.


“A re ho yena: ‘O entse hantle, mohlanka ya kgabane, hobane o ile wa tshepahala nthong e nyenyane, busa metse e leshome.’


Bohle ba kenang tlhodisanong ba thapisa mmele ya bona. Empa bona ba etsa jwalo hore ba tle ba fumane mofapahlooho o senyehang; athe rona re etsa jwalo hore re tle re fumane o sa senyeheng.


Tshepo ya rona ho lona e tiile, hobane re tseba hore, jwalokaha le bile balekane ba rona mahlokong, le teng le tla nne le be bona matshedisong.


haeba re mamella, re tla busa le yena; haeba re mo latola, le yena o tla re latola;


Mamelang, bana beso ba ratehang. Na hase Modimo ya kgethileng bao e leng mafutsana mahlong a lefatshe, hore e be barui tumelong, le majalefa a Mmuso oo a o tshepisitseng ba mo ratang?


Etlare mohla Modisa wa badisa a iponahatsang, le tla amohela mofapahlooho wa tlotla, o sa senyeheng.


Lerako la motse le ne le ena le majwe a leshome le metso e mmedi a motheo, ao ho wona ho ngotsweng mabitso a baapostola ba leshome le metso e mmedi ba Konyana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos