Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Luka 19:29 - BIBELE

29 Eitse ha a atamela Bethefage le Bethania, pela thaba e bitswang Thaba ya Mehlwaare, a roma ba babedi ba barutuwa,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Eitse ha a atametse Bethefage le Bethania, pela thaba e bitswang ya Mehlwaare, a roma barutuwa ba hae ba le babedi,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

29 Eitse ha a se a atametse Bethefage le Bethania, thabeng e bitswang ya Mehlwaare, a roma barutuwa ba hae ba le babedi.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

29 Eitse ha a se a atametse Bethefage le Bethania, thabeng e bitswang ya Mehlwaare, a roma barutuwa ba hae ba le babedi.

Ver Capítulo Copiar




Luka 19:29
11 Referencias Cruzadas  

Mohla tsatsi leo, Morena o tla ema Thabeng ya Mehlwaare, e ka botjhabela ho Jerusalema. Thaba ya Mehlwaare e tla petsoha ka lehare, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ho hlahe kgohlo e tebileng; karolo e nngwe ya thaba e tla ya leboya, e nngwe yona e ye borwa.


Yaba o tloha ho bona, o tswela kantle ho motse, o ya Bethania, mme a robaletsa teng.


a re: “Eyang motseng o kapele ho lona, oo etlare ha le kena ho wona le fumane petsana e holehilweng, e esong ho palangwe ke motho; le e lokolle, le e tlise mona.


Ha a atamela, a le motheong wa Thaba ya Mehlwaare, bongata bohle ba barutuwa ba qala ho rorisa Modimo ka mantswe a phahameng bo thabile, ka baka la diketso tsohle tse matla tseo bo di boneng,


Jesu o ne a ruta ka Tempeleng motsheare, empa bosiu o ne a etswa, a ya hlola thabeng e bitswang Thaba ya Mehlwaare,


Jesu a tswa, a ya Thabeng ya Mehlwaare ka tlwaelo ya hae, mme barutuwa ba hae ba mo latela.


Jwale Jesu a ba isa kantle ho motse, a ya le bona ho ya fihla Bethania, a phahamisa matsoho, a ba hlohonolofatsa.


Yaba ba theoha thabeng e bitswang Thaba ya Mehlwaare, e haufi le Jerusalema, ba kgutlela Jerusalema, e leng leeto le lekanang le la letsatsi la Sabatha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios