Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Luka 19:27 - BIBELE

27 Empa dira tsena tsa ka, tse sa kang tsa rata ha ke rena hodima tsona, di tliseng kwano, le di bolaele kapela ka.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Haele dira tseo, tse sa kang tsa rata hoba ke di buse, di tliseng mona, le di bolaye pela ka.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

27 Empa dira tseo tsa ka tse sa kang tsa rata hore ke be morena wa tsona, le di tlise kwano, le di bolaye pela ka.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Empa dira tseo tsa ka tse sa kang tsa rata hore ke be morena wa tsona, le di tlise kwano, le di bolaye pela ka.

Ver Capítulo Copiar




Luka 19:27
23 Referencias Cruzadas  

ya e amang a tshware selepe le theko ya lerumo, a e lahlele thotobolong, e tjheswe lore!”


Morena a ke a putse baqosi ba ka jwalo, batho bana ba mpuang hampe.


O tla di busa ka lere la tshepe, o di pshatle jwaloka nkgo ya letsopa.’ ”


Ha le bona tsena pelo tsa lona di tla nyakalla, le tlokome jwaloka jwang ha bo tlokoma. Bahlanka ba Morena ba tla tseba matla a hae, dira tsa hae tsona di bone kgalefo ya hae.


Utlwang morusu o tswang kahara motse! Utlwang lerata le tswang ka Tempeleng! Ke modumo o tswang ho Morena, o putsa dira tsa hae ho ya ka mesebetsi ya tsona.


Morena ke Modimo ya boulelang, Morena ya phetetsang, Morena o a phetetsa, o tletse kgalefo; Morena o iphetetsa ho ba mo lwantshang, kgalefo ya hae e tlokela dira tsa hae.


Jwaloka sekgohola, kgohola se phuthumanang, Ninife o tla e timetsa jwalo, dira tsa hae a di lelekele lefifing.


Kgosi ya halefa, ya romela dimphi tsa yona, tsa ripitla babolai bao, tsa tjhesa motse wa bona.


“Empa kaha baahi ba naha ya hae ba ne ba mo hloile, ba mo sadisa baromuwa morao, ba re: ‘Ha re rate ha eo a rena hodima rona.’


O tla tla, a timetse balemi bao, tshimo a e nee ba bang.” Yare ha ba utlwa hoo, ba re: “A ho se be jwalo!”


hobane ke wona matsatsi a phetetso, ho tle ho phethahale tsohle tse ngotsweng.


Ba tla bolawa ka sabole, ba qhalanyetswe ditjhabeng tsohle e le bathopuwa, mme Jerusalema e tla hatakelwa ke baditjhaba, ho fihlela nako ya bona e fela.”


mme jwale o lebeletse hore dira tsa hae di etswe bonamelo ba maoto a hae.


Setjhaba sa re ho Samuele: “Ke mang ya ileng a re: ‘Na Saule a ka fela a re busa?’ Tlisang banna bao re ba bolaye!”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios