Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Luka 19:26 - BIBELE

26 “Ke a le bolella hore ho tla newa e mong le e mong ya nang le letho, empa ya se nang letho, le seo a nang le sona o tla se amohuwa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ke fela ke re ho lona: Ho tla fuwa e mong le e mong ya nang le ntho; empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a nang le sona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

26 Hobane ke re ho lona: E mong le e mong ya nang le ntho o tla newa; mme ya se nang letho, le seo a nang le sona o tla amohuwa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Hobane ke re ho lona: E mong le e mong ya nang le ntho o tla newa; mme ya se nang letho, le seo a nang le sona o tla amohuwa.

Ver Capítulo Copiar




Luka 19:26
17 Referencias Cruzadas  

Feela nke ke ka kgaotsa ho mo hauhela, jwalokaha ke ile ka kgaotsa ho hauhela Saule, eo ke ileng ka mo hleka tseleng ya hao.


Ditshiu tsa hae di ke di kgutsufale, e mong a ke a nke mosebetsi wa hae.


Ya nang le letho o tla ekeletswa, a be a hafe ka nkatana, empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a nang le sona.


“Ka baka leo, ke a le bolella, ke re, le tla amohuwa Mmuso wa Modimo, mme o tla newa setjhaba se behang ditholwana tsa wona.


hobane ya nang le letho o tla ekeletswa, empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a nang le sona.”


“Jwale mookamedi a re ka ho yena: ‘Ke tla etsang, ha e le moo monga ka a nkamoha bookamedi? Ha ke na matla a ho sebetsa ka thata, le teng ke dihlong ho kopa.


“Ba re ho yena: ‘Morena, o se a ena le dimina tse leshome!’


Ha ho le jwalo, hlokomelang kamoo le utlwang kateng, hobane mang le mang ya nang le letho o tla ekeletswa, empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a hopolang hore o na le sona.”


“Bukeng ya Dipesalema, ho ngotswe ho thwe: “ ‘Leaho la bona le ke le fetohe lesupi, ho se be motho metlotlwaneng ya bona. “ ‘Hape ho thwe: “ ‘E mong a nke mosebetsi wa hae.’


Itlhokomeleng, esere la lahlehelwa ke tseo le di sebeleditseng, le tle le mpe le amohele moputso o tletseng.


O tiiseditse, wa mamella matshwenyeho ka baka la lebitso la ka, wa se ke wa kgathala.


“Ke tla tla kapele. Kgomarela ho seo o nang le sona, e le hore ho tle ho se ba ye ka o amohang mofapahlooho wa hao.


Samuele a re ho Saule: “Ka letsatsi lena, Morena o hahotse mmuso wa Iseraele matsohong a hao, mme o o neile e mong ya lokileng ho o feta.


“Ka baka leo, Morena Modimo wa Iseraele, o re: ‘Ruri ke ne ke itse ntlo ya hao, le ntlo ya ntatao, e tsamaye kapele ho nna kamehla yohle.’ Empa jwale Morena o re: ‘Hoo ho ke ke ha hlola ho etsahala, hobane ke tla tlotla ba ntlotlang, empa ba nnyedisang ke tla ba nyedisa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos