Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 9:22 - BIBELE

22 Jwale Arone a phahamisetsa matsoho a hae nqeng ya setjhaba, mme a se hlohonolofatsa. Hoba a etse nyehelo e tlosang sebe, le nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho, a theoha.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Aarone a otlollela matsoho a hae ka nqa setjhabeng, a se hlohonolofatsa; a ntoo theoha ha a se a qetile sehlabelo sa sebe, le setjheso, le sehlabelo sa teboho.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 9:22
16 Referencias Cruzadas  

A ema, a bua ke lentswe le phahameng, a hlohonolofatsa setjhaba sohle sa Iseraele, a re:


Bara ba Amorame e ne e le Arone le Moshe. Bo-Arone le bara ba hae ba kgethelwa hore kamehla yohle ba hlokomele dintho tse halalelang haholo, ba tjhesetse Morena mokubetso, ba mo sebeletse, ba hlohonolofatse setjhaba ka lebitso la hae kamehla.


Yare setjhaba sohle sa Iseraele se sa eme moo, kgosi ya retelehela ka ho sona, ya se hlohonolofatsa.


Lebitso la hae le se ke la lebalwa, le se ke la lebalwa le ka mohla, le hopolwe ha letsatsi le ntse le tjhaba. Ditjhaba tsohle di ke di hlohonolofale, di hlohonolofale ka baka la hae, merabe yohle e mmitse ya lehlohonolo.


Yaba Moshe o hlahloba mosebetsi kaofela, mme a bona hore ba o phethile jwalokaha Morena a ne a laetse. Moshe a ba hlohonolofatsa.


Morena a bua ho Moshe, a re:


A ba sika, a ba hlohonolofatsa ka ho ba bea matsoho.


Jwale Jesu a ba isa kantle ho motse, a ya le bona ho ya fihla Bethania, a phahamisa matsoho, a ba hlohonolofatsa.


Modimo o hlahisitse mohlanka wa hae, a mo roma ho lona pele, ho hlohonolofatsa e mong le e mong wa lona, ha a sokoloha bobeng ba hae.”


Ka yona nako eo Morena a khetha ba morabe wa Levi, hore ba jare areka ya selekane sa Morena, ba eme kapele ho Morena, ba mo sebeletse, ba hlohonolofatse ka lebitso la hae ho fihlela kajeno.


Baprista, e leng bara ba Levi, ba tla atamela, hobane bona ba kgethilwe ke Morena Modimo wa hao, hore ba mo sebeletse, mme ba hlohonolofatse ka lebitso la Morena. Kgang efe kapa efe, le kotsi efe kapa efe, e tla ahlolwa ho ya ka qeto ya bona.


Se busetseng bobe ka bobe, kapa tlhapa ka tlhapa, empa le hlohonolofatse, hobane Modimo o le bitseditse ho ja lefa la mahlohonolo, hobane ho thwe:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos