Le qete matsatsi a supileng le sa tswe ka monyako wa Tente ya Morena, ho fihlela matsatsi a kgalaletso ya lona a fela, hobane le tla halaletswa ka matsatsi a supileng.
Le tla hlola monyakong wa Tente ya Morena ka matsatsi a supileng, motsheare le bosiu, le etsa seo Morena a le laetseng sona, le tle le se ke la shwa, hobane ke laetswe jwalo ke Morena.”
O ne a se jwaloka Baprista ba bang ba Baholo, ba neng ba hloka ho nyehela ka mahlabelo ka matsatsi wohle, pele e le ka baka la dibe tsa bona, e ntano ba tsa setjhaba. Jesu o ile a nyehela ka sehlabelo se le seng, hanngwe feela, ha a inyehela ka boyena.