Haeba ho fihlela ka la hosasane ho ena le nama e setseng ya mokete wa kgalaletso, kapa bohobe, o tjhese tsena tse setseng; di se ke tsa jewa, hobane di a halalela.
Tsohle tseo o ka di etsang, o di etse ka matla a hao kaofela, hobane lebitleng, moo o yang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa merero, kapa tsebo, kapa bohlale.
Le qete matsatsi a supileng le sa tswe ka monyako wa Tente ya Morena, ho fihlela matsatsi a kgalaletso ya lona a fela, hobane le tla halaletswa ka matsatsi a supileng.
Modimo o re: “Ka nako ya mohau ke ile ka o araba, ka letsatsi la ho pholoswa ke ile ka o thusa.” Ke eo jwale nako ya mohau; ke leo he letsatsi la pholoho.