Yaba ba hlaba dipohwana, baprista ba nka madi a tsona, mme ba foka ka wona hodima aletare. Ka mokgwa o jwalo, ha ba se ba hlabile dipheleu, ba foka hodima aletare ka madi a tsona; ba hlaba le dikonyana, mme ba foka hodima aletare ka madi a tsona.
A e hlabele kapele ho Morena e le ka lehlakoreng la aletare le ka leboya. Baprista, e leng bara ba Arone, ba foke mahlakore wohle a mane a aletare ka madi a yona.