“ ‘Motho ofe kapa ofe wa ntlo ya Iseraele, kapa wa moditjhaba ya jakileng hara bona, ya jang bobete ba mofuta ofe kapa ofe, ke tla mo halefela. Motho eo ya jang bobete ke tla mo kgaola setjhabeng sa habo.
Ha le nahana, kotlo e tla ba boima hakaakang, e lokelang ya hataketseng Mora wa Modimo, ya tlontlolotseng madi a selekane ao a hlwekisitsweng ka wona, ya nyefotseng Moya wa Modimo o mohau!
Jwale ha bolellwa Saule, ha thwe: “Bona, setjhaba se sitelwa Morena ka ho ja nama e ntseng e dutla madi!” Saule a re: “Le mahlabaphiyo! Phikolosetsang lejwe le leholo lena ho nna mona, hona jwale!”