Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 4:22 - BIBELE

22 “ ‘Ha kgosana e etsa sebe, ka ho tlola o mong wa melao ya Morena Modimo wa hae, e se ka morero, e molato.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ha ekaba ke kgosana e entseng sebe, e tlotseng o mong wa melao ya Jehova, Modimo wa yona, ka ho se tsebe le ka ho etsa tse sa tshwanelang ho etswa, e entse molato.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 4:22
15 Referencias Cruzadas  

Empa ke mang ya ka elellwang diphoso tsa hae? Ako ntokolle ho tseo ke sa di tsebeng.


Hara setjhaba sohle o kgethe banna ba bohlale, ba tshabang Modimo, banna ba nnete, ba hloileng tjotjo; o ba etse babusi ba busang batho ka dikete, ba busang batho ka makgolo, ba busang batho ka mashome a mahlano, ba busang batho ka mashome.


Se dumelle leleme la hao ho o kgannela sebeng, ebe jwale o re ho moromuwa wa Modimo: “Ke entse phoso!” Eba o etsetsang hore Modimo a halefiswe ke dipolelo tsa hao, ebe o fedisa mosebetsi wa matsoho a hao?


“ ‘Haeba setjhaba sohle sa Iseraele se etsa sebe, feela e se ka morero, mme se sa tsebe hore se entse sebe, se tla ba molato ka ho tlola o mong wa melao ya Morena.


“Bua le bana ba Iseraele, o re: ‘Ha motho a etsa sebe, ka ho tlola o mong wa melao ya Morena, feela e se ka morero, ho etswe tjena:


“ ‘Ha e mong wa bafo, a etsa sebe e se ka morero, ka ho tlola o mong wa melao ya Morena, o molato.


“Ha motho a etsa sebe ka ho tlola o mong wa melao ya Morena e se ka morero, o molato, leha a ne a sa tsebe, o tla jara bokgopo ba hae.


“ ‘Ha le etsa phoso, mme le sa boloke melao ena yohle eo Morena a e boleletseng Moshe;


haeba setjhaba se etsa phoso e se ka morero, setjhaba sohle se tla nyehela ka pohwana e le nyehelo ya setjheso, e monko o monate, e amohelehang ho Morena. Setjhaba se tla nyehela le ka nyehelo ya dijo e tsamayang le nyehelo ya pohwana, le ka nyehelo ya seno e tsamayang le yona, ho ya ka taelo. Le nyehele le ka phooko e le nngwe e le nyehelo e tlosang sebe.


banna bana ba tsohela Moshe matla, ba ena le banna ba bang ba bana ba Iseraele, ba makgolo a mabedi le mashome a mahlano, bao e leng mahosana a setjhaba, ba tumileng, ba kgethilweng setjhabeng.


Bo-Moshe le moprista Eleasare, le mahosana wohle a setjhaba, ba tswa ho kgahlanyetsa mabotho kathoko ho diahelo.


Bara ba Gade le bara ba Rubene ba fihla ho Moshe le ho moprista Eleasare, le ho baholo ba setjhaba, ba re:


le tla ikgethela metse eo le tla tshabela ho yona; moo motho ya bolaileng motho e mong e se ka morero a tla tshabela teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos