Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 27:17 - BIBELE

17 Haeba motho a kgethela Morena tshimo ya hae ka selemo sa mokete wa tokoloho, theko ya yona e tla ba kamoo e hakantsweng kateng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ekare ha a kgethela Jehova tshimo ya hae, ho tloha selemong sa Jubile, ho tla uwa ka tekanyetso ya hao;

Ver Capítulo Copiar




Levitike 27:17
7 Referencias Cruzadas  

Le tla halaletsa selemo sa mashome a mahlano, mme le phatlalatse hara naha yohle hore baahi bohle ba yona ba lokolohile. Selemo seo e tla ba sa lona sa mokete wa tokoloho. Motho e mong le e mong a boellwe ke lefa la hae, e mong le e mong a kgutlele ho ba habo.


Selemo sa mashome a mahlano e tla ba sa mokete wa lona wa tokoloho. Le se ke la lema letho; le se ke la kotula le matshwabodi, kapa la kga morara o sa kang wa faolwa.


“ ‘Selemong seo sa mokete wa tokoloho e mong le e mong a boellwe ke lefa la hae.


Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya bosupa, o tla letsa lenaka; ka letsatsi la tefelo ya sebe le tla letsa lenaka hara naha yohle ya lona.


“ ‘Ha motho a kgethela Morena ntlo ya hae hore e halalele ho Morena, moprista o tla hakanya theko ya yona ho ya ka hore na e ntle kapa e mpe, mme theko ya yona e tla ba kamoo moprista a e hakantseng kateng.


“ ‘Ha motho a kgethela Morena karolo e nngwe ya tshimo ya hae eo e leng lefa la hae, kgakanyo e tla etswa ho ya ka peo e jalang karolo eo ya tshimo. Peo ya harese e boima ba dikilo tse mashome a mabedi e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse makgolo a tsheletseng.


Empa haeba motho a kgethela Morena tshimo ya hae kamora selemo sa mokete wa tokoloho, moprista o tla mo hakanyetsa theko ya yona ho ya ka dilemo tse sa setseng ho ya fihla selemong sa mokete wa tokoloho o tlang, ebe e tloswa tjheleteng ya tshimo, e hakantsweng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos